Tshusumetso ya dingolwa Kgolong ya puo ya Afrika

Tshusumetso ya dingolwa tsa bangodi ba Aforika kgolong ya dipuo le botjhaba ba maAforika di itshetlehile tshebedisong ya dipuo tsa maAforika ke maAforika ka ho phethahala. Puo ke motheo wa setso mme boqapi le bongodi ba dibuka bo bapala karolo ya bohlokwa polokong ya puo le botjhaba [1]. Dingolwa tse ngotsweng ka leleme kapa ka dipuo tsa letswele tsa batho ba Aforika di sebetsa e le disebediswa tsa bohlokwa bakeng sa tswelo-pele ya puo[1]. Di kgothaletsa ho ithuta puo le ho kenya letsoho ho tiisetseng matlotlo a fapaneng a dipuo[2]. Bangodi ba Aforika ba hlahelletseng ka mahetla jwalo ka Ngungi wa Thiong'o ba qadile ho ngola dibuka tsa dingolwa le dipadi tsa bona ka senyesemane mme ya re ha nako e ntse eya o ile a qetella a fetolela dibuka tsa hae tsa pejana tsa senyesemane[3]
Dingolwa di sebetsa e le karolo e matla ya poloko ya meetlo, setso le dipuo[4]. Ka dibuka, bongodi le dingolwa haholo tse ngotsweng ka leleme la letswele,botjhaba ha bo dikelle, dipale tsa batho di a phethwa, ditlaleho tsa histori le nalane di a ngolwa ebile di a baballwa bakeng sa meloko e tlang[5]. Mokgatlo wa matjhaba a kopananeng wa thuto,saense le setso (UNESCO) o na le boikitlaetso le thomo ya thusa le ho tshehetsa maano le mananeo a tsamaisanang le paballo ya botjhaba le puo ya letswele[6][7] .
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- 1 2 IJCRT24A3272.pdf
- ↑ Books and Cultural Preservation: The Role of Literature in Preserving Traditions - CPD Singapore Education Services Pte Ltd
- ↑ Ngugi wa Thiong'o dies: What to know about the 'rebellious' author who rejected English | Pulse Ghana
- ↑ LITERATURE PRESERVES NATIONAL HERITAGE
- ↑ Cultural heritage: 7 successes of UNESCO’s preservation work | UNESCO
- ↑ https://www.unesco.org/en/tags/language-preservatio
- ↑ UNESCO and languages: a commitment to culture and development - UNESCO Digital Library