Laeborari ya Parkview

E tswa ho Wikipedia
(Redirected from University of South Africa)

Parkview laeborari ya setjhaba e khoneng ya mmila wa Athlone le Tyrone, Gauteng, Afrika Borwa. Moaho wa laeborari, moo bana ba bapallang le sebaka sa ho phaka dikoloi di ahuwe mokgubung wa motse wa Parkview [1]. Laeborari ena ke setheo sa setjhaba se etelwang ke batho ba baholo le bana ho bala. Laeborari e ne e ena le dibuka tse ngata tsa fikshine le tseo e seng sa fikshine, karolo ya bana, mehlodi, diprogramo tse tlwaelehileng, dikhompyutha le Wi-Fi [2] ya mahala. Basebedise ba laeborari ba bangata mme palo ya bona e ka ba bakadime ba 2500 karolong ya B ya laeborai[3]

Setjhaba

Setjhaba sa Parkview se sebelletswa hantle. Ntle le ho laeborai ya setjhaba, lekeishene le na le seteishene sa maponesa, poso, dikolo (dikretjhe, seikolo tsa poraemari le tse phahameng), moo ho bapalwang golfo le meaho ya ditumelo[4]. Lekeishene lena ebile le haufi le dizu tse tsebahalang tsa Lake le Joburg.[1]

Ho bao ba etelang laeborari kapa ba dulang haufi, ba una molemo wa ntshetsopele ya boithuto[5]. Mokgatlo wa Friends of Parkview Library e bokelletsa matlole ho reka dibuka tse ntjha ka ho etsa dirafole moo setjhaba se nehelenang ka dimpho tsa ho hlolwa. Hape ba rekisa dibuka ho nyolla mokotla wa matlole. Mokgatlo o sebedisa matlole a bokelleditsweng ho reka dibuka tse ntjha le ho etsa pokello e kgeme le dinako[4]. Laeborari le setjhaba di sebetsa mmoho ho theha diprogramo, ho bokelletsa matlole le ho laola ditshebeletso.[6]

  1. https://joburg.org.za/media_/Newsroom/Pages/2024%20News%20Article/March/City-celebrates-grand-opening-of-Sakhumzi-restaurant.aspx