Jump to content

User:Macufe

E tswa ho Wikipedia

Sehlopha sa baithuti se kopana Museamong wa Dingolwa tsa Sesotho.

Tsatsing le na la kajeno la 27 Pudungwana 2025 sehlopha sa batjha ho tswa ditheong tse fapaneng ba bokana ho tla ithuta ka tshebediso ya Wikipedia.

Boholo ba bona ba qadile ho bula diakhoutu tsa Wekipedia ho ithuta haholwanyane le ka mekgahlelo e fumangwang ka hara letoto lena la marangrang a dikgokahanyo.

Monghadi Molale Shuping eo e leng Museum Human Scientist Lefapheng la Dipapadi, Bonono,Botjhaba le Boikhathollo o ile a bula mosebetsi ka ho amohela baeti le ho ba kumela ka sepheo sa kopano, a boela a bafa le tshebelopele ya kwetliso ena.

Mme Dieketseng Cindi, Ntate Diphapang Mofokeng le Mme Ellisa Ramokone ba ile ba hlalosa ka botebo tshebediso ya Wikipedia/WikiMedia. Ba kgatha tema ka makgathe a babatsehang ho bulela baithuti diakhounto le ho fumana pokello ya ditshwantsho, ho balla le ho fetolela leleme la Sesotho ho ya Sekgoweng.

Sena e bile kgatelopele puong ya Sesotho le tshebediso ya puo ka kakaretso. Enngwe e kgolo e bile ho re qapoqapo ka ho netefatso mehlodi ya hao ha o ngolla leqepheng la motho ka bo mong.

Basotho le Sesotho le kgothalletswa ho ngola ka leleme la lona le ho kenya puo ena marangrang ho sireletsa Sesotho bakeng sa moloko o tlang.

Mongodi wa ditaba.

Molale Shuping ( Museum Human Scientist).