User:Modimowaka
---
original page: Moshoeshoe wa Bobedi wa Lesotho
---
Morena Moshoeshoe wa Bobedi (2 Motsheanong 1938 - 15 Pherekgong 1996), eo pele ya neng a tsejwa e le Constantine Bereng Seeiso. E ne e le Morena ya ka Sehloohong wa Basutoland, ya ileng a nka sebaka sa Morena ya ka Sehloohong Seeiso ho tloha ka selemo sa 1960 ho fihlella naha e fumana boipuso bo felletseng ka mora hore e buswe ke naha ya Borithane ka selemo sa 1966. E ne e le Morena wa naha ya Lesotho ho tloha ka selemo sa 1966 ho fihlella a ya ditlamong ka selemo sa 1990, le ho tloha ka selemo sa 1995 ho fihlella a hlokahala ka selemo sa 1996.

Moshoeshoe o hlahile e le Constantine Bereng Seeiso mme e ne e le setloholo sa morena wa setjhaba, Moshoeshoe, ke ka moo a fumaneng lebitso la hae la borena teng. Seeiso e monyane o ile a fumana thuto ya hae Kholejeng ya Roma e Lesotho, yaba (ho bonahala a baleha menyenyetsi ya hore monna wa mmae o ne a rerile ho mo jesa tjhefu) o romelwa naheng ya England, Kholejeng e bitswang Ampleforth mme hamorao a iswa Kholejeng e bitswang Corpus Christi e toropong e bitswang Oxford. Ha a ntse a le moo, o ile a phela jwalo ka monna wa naha ya England, a tsoma, a kwetlisa ho thunya hape a tshwasa ditlhapi.
History
[fetola | fetola mohloli]Matla a Moshoeshoe a dipolotiki a ne a dula a lekanyeditswe mme puso ya hae e ile ya thijwa ka makgetlo a mabedi. Mathwasong a puso ya hae, Morena Leabua Jonathan o ile ya eba Tonakgolo ya Lesotho mme a fumana taolo ya mmuso. Jonathan o ile a emisa borena ba Moshoeshoe ka selemo sa 1970 ho tsosollosa taolo ya hae naheng ka mora hore mokga wa hae o hlolwe dikgethong. Moshoeshoe o ile a ya ditlamong tsa nakwana naheng ya Netherlands. Dikgwedi tse seng kae hamorao, ha a se a ena le taolo, Jonathan o ile a dumella Moshoeshoe hore e be Morena hape. Jonathan ka boyena o ile a tloswa ka selemo sa 1986 mme Morena a fumana matla a itseng empa o ile a tloswa ka selemo sa 1990, ha mora wa hae Letsie wa Boraro a qobellwa ho nka sebaka sa hae sa Borena. Moshoeshoe o ile a ya ditlamong naheng ya United Kingdom empa a kgutlisetswa teroneng ka selemo sa 1995. Ka selemo sa 1996, o ile a bolawa ke kotsi ya koloi mme Letsie a boela ho ba morena ka mora kgwedi.
References
[fetola | fetola mohloli]- ↑ "King Moshoeshoe I | South African History Online". sahistory.org.za. Retrieved 2025-07-09.
- ↑ "Motlotlehi – His Majesty King Constantine Bereng Seeiso Moshoeshoe II of Lesotho | South African History Online". sahistory.org.za. Retrieved 2025-07-09.
- ↑ "CUT | The legacy of King Moshoeshoe I is remembered at the memorial Inaugural Lecture held at CUT". www.cut.ac.za. Retrieved 2025-07-09.