Victor Gomes
Victor Miguel de Freitas Gomes (ya hlahileng ka la 15 Tshitwe 1982) ke moahlodi wa bolo ya maoto wa Afrika Borwa ya tlohetseng mosebetsi. Ke molulasetulo wa hajwale wa Komiti ya Bahlahlobi ba SAFA.
Moahloli wa PSL ho tloha ka 2008, Gomes o ile a khethwa e le Moahlodi wa PSL wa Nako ka 2012-13 le 2017-18 mme esale e le Moahlodi wa matjhabeng ho tloha ka 2011.
Ka 2018, o ile a roriswa ke Mokgatlo wa Football wa Afrika Borwa ka mora hore a hanne le ho tlaleha ka boiteko ba ho fumanwa tjotjo eka ballwang ho R300 000. Gomes o ne a latwa mme a tshepiswa tjhelete ya ho etsa bobodu parading ya CAF Confederation Cup pakeng tsa sehlopha sa Nigeria Plateau United le sehlopha sa Algeria USM Alger. O ile a boela a kgethwa bakeng sa moputso wa PSL Referee of the Season ha a phethela letsholo la lapeng.
O ile a tshwara kgatiso ya 2019 le 2021 ya Mohope wa Matjhaba wa Afrika. O ile a laola papadi ya ditjhaba ya Afrika ya 2021 pakeng tsa Senegal le Egepeta.
Gomes o phatlaladitse ho tlohela mosebetsi ka mora mohope wa Lefatshe wa FIFA ka 2022.
Ka Hlakola 2023 o ile a phatlalatswa e le modulasetulo wa Komiti ya Bahlokomeli ba SAFA.