Tsebe e utlwang ho feta e nngwe

E tswa ho Wikipedia

Re e tseba jwang?[fetola | fetola mohloli]

Tsela ya ho hlwaya tsebe e utlwang ho feta e nngwe: Ena ke teko ya ho batla tsebe e utlwang ho feta e nngwe. Ha ho na teko e molaong e kgethehileng ya ho lekola tshebetso ya ditsebe. Ho lemoha tsebe e utlwang ho feta e nngwe, ela hloko feela tsela eo o atamelang batho ba buang le wena ka yona. Haeba o jekisa lerama le letshehadi, tsebe ya hao e utlwang ho feta e nngwe e tla ba ka ho le letshadi. Ha eba o jekisa lerama ho ya lehlakoreng le letona ha batho ba bua, tsebe ya hao e utlwang ho feta e nngwe ke e ka lehlakoreng le letona. Tsela e nngwe hape ke ha o araba founu, tsebe eo o isang founu ho yona hang feela ha o araba ke yona e utlwang ho feta e nngwe.