Wolf keng ka sesotho

E tswa ho Wikipedia

Ho na le pherekano e kgolo hore na Phiri ke efe pakeng tsa ‘Wolf’ le ‘Hyena’ ka Sesotho. ‘Wolf’ ha e na lebitso la Sesotho kaha ke phoofolo ya leboya kwana Yuropa moo ho batang teng. Ha se phoofolo ya Afrika ena e Borwa. Sena se re siya ka mohopolo o reng ‘Hyena’ ke yona Phiri ka Sesotho. Lebaka le leng le ileng la etsa hore batho ba nahane hore ‘Wolf’ ke Phiri ke hobane ho na le ‘Hyena’ (Phiri) e sootho ya Afrika e nang le boya bo boholo jwaloka ‘Wolf’, empa hona ha se ‘wolf’.

Lebaka le leng le ileng la etsa hore batho ba bangata ba nahane hore Wolf ke Phiri, ke hobane ho na le mabitso a mangatanyana a amanang le diphoofolo tsena tse tshwanang le Phiri. Ho na le Lekanyane, senonnori, lefiritshwana, phokojwe, le yona phriri. Mabitso ana a ferekanya batho.