Arlington, Free State
Arlington (Leratswana) ke motse o monyane wa tsa temo profensing ya Foreistata, Aforika Borwa. E thehilwe ele motse wa bohlokwa wa dikgokahanyo tsa seporo pakeng tsa motse wa Ntha Lindley le Matwabeng Senekal. Motse ona o wela ka tlasa taolo ya mmasepala wa nketoana.[1]
Moralo
[fetola | fetola mohloli]Arlington (jwaloka ditoropo tsohle tsa Free State) e na le sebaka se arohaneng ka morabe ka lebaka la mmuso wa kgethollo . Sena se pakwa ke taba ya hore batho ba basweu ba dula teropong ya nnete ya Arlington ha batho ba seng ba basweu (bao e batlang e le ba batsho feela) ba dula lekeisheneng la boahelani la Leratswana, leo hajwale le ntseng le atoloswa haholo.
Dipalangwang
[fetola | fetola mohloli]Seporo
[fetola | fetola mohloli]Arlington e bohlokwa sebakeng sa yona sa terene. E dutse mateanong a ditsela tse pedi tsa terene, o nngwe e tloha Lindley ho ya Senekal, mme enngwe e kopanya Bethlehema le Steynsrus .
Tsela
[fetola | fetola mohloli]Arlington e dutse hodima mmila wa R707, e hlileng e arolang Arlington ho Leratswana. Mmila ona o kopanya toropo ya Lindley le Senekal hotswa Mamafubedu le Namahadi.