Jump to content

Dilotho

E tswa ho Wikipedia

Dilotho

Dilotho ke papapi e qholotsang kelello hore moluthuwa a fumane karabo ya selotho. Lenake o re: “Lentswe lena le bolela ho phelekanyetsa. Molothi o nka ntho e tsebahalang, a sebedise ditshwantsho ho e bapisa le tsona. Papadi ena ya dilotho ke tsela ya ho hlodisana le ho phehisana kgang ho bona hore ya bohlale kapa ba bohlale ke bomang[1]. Dilotho tsa Sesotho di kgona feela ho rarollwa ke Basotho ba tsebang setso le ditlwaelo tsa Basotho. Chokoe o hlalosa ka hore, a qotsa Guma, ke ka feela ha re tseba hore na dilotho di qatjuwe le ho sebediswa jwang moo re tla tsebang dikateng tsa tsona le ho utlwisisa hore na di ribolla setso sa Sesotho jwang. [2]

Flaga ya Lesotho

Papadi ena e bapalwa ka mokgwa wa hore moluthi a botse ka polelwana e tshwantshisang se itseng le ho hong ho batlileng ho tshwana le sona. Papadi ena e ka bapalwa ke dibapadi tse pedi kapa dihlopha tse pedi.

Papadi e qalwa ka tsela ena;

Molothi: Ka o lotha

Moluthuwa: Kang?

Moluthi: Hela majoro, o paqametseng moo

Moluthuwa: Ke sefi.

Ebe papadi e tswela pele dibapadi di ntse di fapanyetsana jwalo. Ha di kgitla lejwe, moluthuwa a sa tsebe karabo, ebe o a se reka. Ha a se reka, o reka ka ho lotha moluthuwa ka selotho se seng. Mohlala:

Moluthuwa: Ka se reka

Moluthi: Kang?

Moluthuwa: Mahahana a diretsana

Moluthi: ha ke tsebe!

Jwale moluthuwa o lokela ho fana ka karabo ya selotho sa hae seo moluthuwa a neng a sa se tsebe.

  1. Guma, S.M. 1993. The form, content and technique of traditional literature in Southern Sotho. Pretoria: Van Schaik Publishers
  2. https://scholar.google.co.za/citations?view_op=view_citation&hl=en&user=WRlo32YAAAAJ&citation_for_view=WRlo32YAAAAJ:Y0pCki6q_DkC