Dilotho tsa 4IR

E tswa ho Wikipedia

4IR (Kabo ya bone ya Mesebetsi) e tlisitse diphetoho tse ngata maphelong a Basotho ka kakaretso. Diphetoho tsena di amme maphelo a Basotho ka tsela tse fapaneng jwalo ka setso, puo, thuto, moruo, phedisano, dipolotiki, jwalojwalo. 4IR e amme puo le setso sa Basotho ka tsela tshwaeditseng ditsela tseo ba ithabisang ka tsona. Ho tea mohlala, Basotho ha ba sa lothana jwalo ka nakong ya pele hoba di nketswe sebaka ke dithelevishene, seyalemoya, dipapadi tse dilepthopong/ thaboleteng/ diselefounu, le ona marangrang a social media. [1]

Melemo ya Dilotho[fetola | fetola mohloli]

Basotho ba qapile dilotho e le ho ruta bana bohlale ba setso sa bona. Dilotho di ruta bana tse latelang:

  • ho nahana ka botebo le ka bophara,
  • ho hlokomela se etsahalang tikolohong ya bona, di ba ruta tlotlontswe,
  • bokgeleke ba puo,
  • ho sebedisana mmoho,
  • di ba ruta ka tlhaho, jwalojwalo.

Mehlala ya dilotho tsa 4IR[fetola | fetola mohloli]

Dilotho tse latelang, ke bohashana feela tse bokelleditsweng tsa 4IR. Basotho ba ka phehisa hore na di phethahetse kapa tjhe. Feela ba phehisang ba hopole hore mehlala ena ya dilotho ke boqapi ba moqapi... kgang ya monna e kgaolwa ke letlaka!

1. Ntime tsohle, se ntime botle. Ntime bolelele, nthekele mohatla pere
2. Botle ba tshomong, palesa ya naha, molomo tlere!
3. Tobetsa, ema thoko morumuwa a phethe thomo
4. Tidinya, o tidinye mmetshana di re twaa!

Ditshwantsho tse latelang ke dikarabo tsa dilotho tsena tse ka hodimo.



molomo o mofubedu
Wiki/ wivi


  1. https://uir.unisa.ac.za/bitstream/handle/10500/30020/thesis_mokuoane_mcn.pdf?sequence=1&isAllowed=y