Ente ya Hepatitis A

E tswa ho Wikipedia

Ente ya Hepatitis A ke ente e thibelang hepatitis A.[1] E sebetsa hantle maemong a ka etsang 95% mme e dula mmeleng bonyane dilemo tse leshome le metso e mehlano kapa mohlomong bophelo bohle ba motho.[2][1] Ha eba e fanwa, ho kgothaletswa ditekanyetso tse pedi ho qala ka mora hore ngwana a be le selemo. E fanwa ka ho entwa mosifeng.[1]

Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo (WHO) o kgothaletsa ente e tshwanang dibakeng tseo bolwetse bona bo tlwaelehileng ho se hokae. Moo bolwetse bona bo tlwaelehileng haholo ha ho kgothaletswe hore batho ba entwe kaha batho ba sireletsehile bolwetseng ka ho tshwaetswa ha e sale bana.[3] Setsi sa Taolo ya Bolwetse le Thibelo (CDC) se kgothaletsa hore ho entwe batho ba baholo ba kotsing e kgolo le bana kaofela.[4]

Ditlamorao tse matla ha di kaalo. Bohloko sebakeng seo motho a entilweng bo ba teng ho bana ba ka etsang 15% le halofo ya batho ba baholo. Boholo ba diente tsa hepatitis A bo na le kokwanahloko e sa pheleng ha tse mmalwa di na le e thethefaditsweng matla. Tse nang le kokwanahloko e thethefaditsweng matla ha di kgothaletswe nakong ya boimana kapa ho ba nang le sesole sa mmele se fokolang. Metswako e seng mekae e kopanya ente ya hepatitis A mohlomong le hepatitis B kapa ente ya typhoid.[5] Template:Drugbox Ente ya pele ya hepatitis A e amohetswe Europe ka 1991, le United States ka 1995.[6] E Lethathamong la Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo la Meriana ya Bohlokwa, meriana e bohlokwa ka ho fetisisa e hlokahalang tsamaisong ya motheo ya bophelo.[7] United States e ja dipakeng tsa 50 le 100 USD.[8]

  1. 1.0 1.1 1.2 "WHO position paper on hepatitis A vaccines - June 2012" (PDF). Wkly Epidemiol Rec. 87 (28/29): 261-76. 2012 Jul 13. PMID 22905367. Check date values in: | date= (help)
  2. Ott JJ, Irving G, Wiersma ST (December 2012). "Long-term protective effects of hepatitis A vaccines. A systematic review". Vaccine. 31 (1): 3–11. doi:10.1016/j.vaccine.2012.04.104. PMID 22609026.
  3. "WHO position paper on hepatitis A vaccines - June 2012" (PDF). Wkly Epidemiol Rec. 87 (28/29): 261-76. 2012 Jul 13. PMID 22905367. Check date values in: | date= (help)
  4. "Hepatitis A In-Short". CDC. July 25, 2014. Retrieved 7 December 2015.
  5. "WHO position paper on hepatitis A vaccines - June 2012" (PDF). Wkly Epidemiol Rec. 87 (28/29): 261-76. 2012 Jul 13. PMID 22905367. Check date values in: | date= (help)
  6. Patravale, Vandana; Dandekar, Prajakta; Jain, Ratnesh (2012). Nanoparticulate drug delivery perspectives on the transition from laboratory to market (1. publ. ed.). Oxford: Woodhead Pub. p. 212. ISBN 9781908818195.
  7. "19th WHO Model List of Essential Medicines (April 2015)" (PDF). WHO. April 2015. Retrieved May 10, 2015.
  8. Hamilton, Richart (2015). Tarascon Pocket Pharmacopoeia 2015 Deluxe Lab-Coat Edition. Jones & Bartlett Learning. p. 314. ISBN 9781284057560.