Ente ya Pertussis

E tswa ho Wikipedia

Ente ya Pertussis ke ente e sireletsang kgahlanong le ho kgohlela ho etsang molodi (pertussis).[1] Ho na le mefuta e mmedi ya bohlokwa: diente tsa sele e feletseng le diente tsa acellular.[1] Diente tsa sele e feletseng di sebetsa hantle ka hoo e ka bang 78% ha ente ya acellular e sebetsa hantle ka 71-85%.[1][2] Katleho ya ente e bonahala e fokotseha ka dipakeng tsa 2 le 10% ka selemo kamora ho fokotseha ka sekgahla ha ho enta ka acellular. Ho enta Nakong ya boimana ho ka sireletsa lesea.[1] Ho hakangwa hore ho enta ho sireleditse maphelo a batho ba fetang halofo ya milione ka 2002.[3]

Mokgato wa Lefatshe wa Bophelo le Setsi sa Taolo ya Malwetse le Thibelo o kgothaletsa hore bana bohle ba entwe bakeng sa pertussis le hore ba kenyeletswe lenaneong la ho entwa ho phetwang.[1][4] Sena se akareletsa le batho ba nang le HIV / AIDS . Ho kgothaletswa hore bana ba banyane ba fuwe ditekanyo tse tharo ho qala ha ba le dibeke tse tsheletseng.Ditekanyetso tse ding di ka fuwa bana ba baholo le batho ba baholo. Ente e fumaneha feela e tswakilwe le diente tse ding.[1]

Diente tsa acellular hangata di sebediswa dinaheng tse tswetseng pele ka lebaka la ditlamorao tse fokolang. Batho ba dipakeng tsa 10 le 50% ba fuweng ente ya sele e feletseng ba ba le bofubedu moo ba hlabilweng le feberu. Febrile seizures le ho lla nako e telele ho ba teng ho ba ka tlaase ho phesente e le nngwe. Ka ente ya acellular ho ka nna ha ba le ho ruruha ho honyane ho sephakeng ho sa nkeng nako e telele. Ditlamorao tsa mefuta e mebedi ya ente, empa haholo ya sele e feletseng, di ba nyane ha ngwana a sa le monyane. Diente tsa sele e feletseng ha dia lokela ho sebediswa ha ngwana a se a fetile dilemo tse tsheletseng. Mathata a tebileng a nako e telele a methapo ya kutlo ha a amahanngwe le mofuta leha e le ofe.[1]

Ente ya pertussis e hlahisitswe ka 1926.[5] E lethathamong la Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo la Meriana ya Bohlokwa, meriana ya bohlokwa ka ho fetisisa e hlokahalang tsamaisong ya mantlha ya bophelo.[6] Mofuta o kenyelletsang tetanus, diphtheria, polio, le ente ya Hib o ja 15.41 USD tekanyetso ka nngwe ho tloha ka selemo sa 2014.[7]Template:Drugbox

  1. 1.0 1.1 1.2 1.3 1.4 1.5 1.6 "Pertussis vaccines: WHO position paper - September 2015" (PDF). Wkly Epidemiol Rec. 90 (35): 433-58. 2015 Aug. PMID 26320265.
  2. Zhang, L; Prietsch, SO; Axelsson, I; Halperin, SA (Sep 17, 2014). "Acellular vaccines for preventing whooping cough in children". The Cochrane Database of Systematic Reviews. 9: CD001478. doi:10.1002/14651858.CD001478.pub6. PMID 25228233.
  3. "Annex 6 whole cell pertussis" (PDF). World Health Organization. Retrieved 5 June 2011.
  4. "Pertussis: Summary of Vaccine Recommendations". Centre for Disease Control and Prevention. Retrieved 12 Dec 2015.
  5. Macera, Caroline (2012). Introduction to Epidemiology: Distribution and Determinants of Disease. Nelson Education. p. 251. ISBN 9781285687148.
  6. "WHO Model List of EssentialMedicines" (PDF). World Health Organization. October 2013. Retrieved 22 April 2014.
  7. "Vaccine, Pentavalent". International Drug Price Indicator Guide. Retrieved 8 December 2015.