Ente ya maselese

E tswa ho Wikipedia
Jump to navigation Jump to search

Ente ya maselese e sebetsa hantle ho thibela maselese.[1] Ka mora tekanyo ele nngwe 85% ya bana ba dikgwedi di robong le 95% ya ba ka hodimo ho dikgwedi tse leshome le metso e mmedi ba sireletsehile tshwaetsong.[2] Hoo e ka bang kaofela ba sa sireletsehang ka mora ho fumana tekanyo e le nngwe ba sireletseha ka mora hore ba fumane ya bobedi. Ha sekgahla sa batho ba entang setjhabeng e feta 93% ha ho sa ba le batho ba tshwaetswang ke maselese; leha ho le jwalo, e ka hlaha hape ha sekgahla sa batho ba entang se fokotseha. Ente e dula e sebetsa mmeleng ka dilemo tse ngata. Ha ho a hlaka hore na e fellwa ke matla ha nako e ntse e ya. Ente e ka boela ya thibela bolwetse ha eba motho a e fumana nakong ya matsatsi a seng makae ka mora hore a be kotsing ya tshwaetso.[1]

Ka kakaretso ente e sireletsehile le ho ba nang le tshwaetso ya HIV. Ditlamorao hangata ha di matla ebile di nka nako e kgutshwanyane. Di ka nna tsa akarelletsa bohloko haufi le moo motho a hlabilweng kapa feberu e bobebe. Anaphylaxis e ile ya fumanwa ho motho a le mong ho ba dikete tse lekgolo. Sekgahla sa Guillian-Barre syndrome, autism le bolwetse ba inflammatory bowel ho bonahala bo sa eketsehe.[1]

Ente e fumaneha e le jwalo kapa e kopane le meriana e meng e entang e akarelletsang ente ya rubella, ente ya mumos le ente ya varicella (ente ya MMR le ente ya MMRV). Ente e sebetsa hantle le maemong ohle ha e tswakilwe. Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo o kgothalletsa hore e fanwe baneng ba dikgwedi tse robong dibakeng tsa lefatshe moo bolwetse bona bo atileng. Dibakeng tseo bolwetse bona bo sa atang, ho loketse ho enta bana ha ba le dikgwedi di leshome le metso e mmedi. Ke ente e phelang. E tla e le phofo e ommeng mme ho hlokahala hore e tswakwe pele e entwa mothong tlasa letlalo kapa mosifeng. Netefaletso ya hore ente e sebeditse e ka bonahala ha ho etswa diteko tsa madi.[1]

Hoo e ka bang 85% ya bana lefatsheng e fumane ente ena ho tloha ka 2013.[3] Ka 2008 bonyane dinaha tse 192 di ile tsa fana ka tekanyo ya bobedi.[1] E ile ya kena tshebetsong ka lekgetlo la pele ka 1963.[2] Ente e tswakaneng ya measles-mumps-rubella (MMR) e ile ya fumaneha ka lekgetlo la pele ka 1971.[4] Ente ya chickenpox e ile ya ekelletswa ho tsena tse tharo ka 2005 mme ya hlahisa ente ya MMRV.[5] E lethathamong la Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo la Meriana ya Bohlokwa, moriana wa motheo o bohlokwa ka ho fetisa tsamaisong ya tsa bophelo.[6] Ente ena ha e ture haholo.[1]

  1. 1.0 1.1 1.2 1.3 1.4 1.5 "Measles vaccines: WHO position paper" (PDF). Weekly epidemiological record. 84 (35): 349–60. 28 August 2009. PMID 19714924.
  2. 2.0 2.1 Control, Centers for Disease; Prevention (2014). CDC health information for international travel 2014 the yellow book. p. 250. ISBN 9780199948505.
  3. "Measles Fact sheet N°286". who.int. November 2014. Retrieved 4 February 2015.
  4. "Vaccine Timeline". Retrieved 10 February 2015.
  5. Mitchell, Deborah (2013). The essential guide to children's vaccines. New York: St. Martin's Press. p. 127. ISBN 9781466827509.
  6. "WHO Model List of EssentialMedicines" (PDF). World Health Organization. October 2013. Retrieved 22 April 2014.