Izikhothane

E tswa ho Wikipedia
Jump to navigation Jump to search

Izikhothane (Skhothane kapa UkuKhothana) ke lebitso la SiZula la dihlopha tsa batho ka tlwaetseng ho tholahala makeisheng a Afrika Borwa, bao ba ratang ho eponahatsa ka ditjhelete kapa ho ba barui papisong le batho babang. Dihlopha tsena di phehisana ka metantso ya tsona pakang tsa batho babangata hore hotle ho kgethwe hore ke sehlopha sefe seo e leng barui, kapa ke mang eo eleng morui pakeng tsa bona. Diphihisano tsena tsa Dikhothane, di etsaha ha ngata mafung, diphating, mme ho sebediswa difonofono tsa letheka, tjhelete, diaparo tsa theko e hodimo, jwala le dikoloi tsa mabai-bai. Mohlodi o kgethwa kaho e ponahatsa hore yena o senya thepa yahae e nang le boleng ba theko e hodimo, ka ho iponahatsa hoke ha ena boleng hoyena, babang ba tshesa le tjhelete, dieta, difonofono tsa letheka, le diaparo tsa theko e hodimo haholo. Hore obe mohlodi o tshwanetse o hlahise thepa ya theko e hodimo o e tjhese hore o bontshe hore o morui ya nang le tjhelete e ngata. Diphihisano tsena di tswela pele hobe ho fihlela ho eba le mohlodi ya bontshang hore o nale thepa ya theko e hodimo eo a sa e hlokeng.

Qaleo[edit | edit source]

Lebitso lena leo ho thweng ke Izikhothane, ke lebitso la Sizulu le kopanyang mabitso a mabedi a bitswang Izikhotha (Ho latswa) le Ukukhothana (ho soma). Lebitso lena ke le seleng se sebediswang makeisheneng ho supa ya nang le thepa ya theko e hodimo, kappa ya nang le diaparo tse turu. Ho latswa ho tshwanswa le ho latswa ha menwana ya motho e mong hore a kgone ho tswella pele ho bala tjhelete. Tshebediso ya holatswa ke sebediswa haho latswa “Desert Custart” ka menwana, ho bontsha hore motho o nale tlhelete e ngata. Tseo ba di etsa hangata ditlhodisanong tsa bona.[1]

Izihkothane, tlhaho ya teng e qadile ka dilemo tsa bo 2000 makeisheneng a Afrika Borwa haholo Soweto le Diepsloot. Tlhodisano ena ha yaka ya lemowa ho fihlela ka selemo sa 2011 le 2012, moo e ileng ya thola matla a manyata ya bay a tsibiwa ke batho ba bangata. Papadi engwe e ne e leteng ka dilemo tsa 1950, moo basebetsi ba tswang mafatsheng a mang, baneng ba hlodisana ka disutu tsa bong phehisanong eneng e bitswa uSwenka dimaeneng Gauteng.[2] Bahlodisane bane ba hloka ka ho itholla tjhelete, disebediswa tsa ntlong, mehlape eo ba e romellang hae malapeng a bona.

Diketso tsa Dikhothane[edit | edit source]

Dikhothane hangata di tswa malapeng a futsanehileng empa ba di sebedisa tjhelete haholo hofeta ka moo dinang le yona ka teng ele ho reka dithepa tsa theko e hodimo haholo, jwalo ka diapare tse rokuweng ka bohlale boboholo, majwala a turu a mabitso, dijo tsa maemo a hodimo, le difounu tsa theko e hodimo hahola. Dithepa tsena kaofela tsa theko e hodila, dia tlhepetswa ho bontsha bokgoni le hore motho o nale tjhelete e ngata setjhabeng.

Hore otle o bitswe Sekhothane, o tshwanetse hore o iponahatse ka diaparo tse majabajaba tsa theko e turu. Izikhothane tseka di reka thepa tse pedi tsa diaparo tse tshwanang, mee difapane ka mmala, mohlala ke ho reka dieta tse tshwanang ka mmala o sa tshwaneng. Ebe he, base ba apara dieta tseo tse sa tshwaneng ka mmala. Se seng sa dieta kappa diaparo tseo tse tshwanang di tla tjheswa ho bontsha bokgoni ke hoba le tjhelete e ngata.[3] Tse ding tsa mahlale a etswang ke dikhothane, ke ho apara diaparo tse nang le matlalo a mangata, ebe he, letlalo ka leng le a tjheswa ele ho bontsha hore motho onale tjhelete e ngata. Ha diaparo dise di rekihwe, di “price tags” diatlohelwa hore bahlodisane ba bone hore thepa e rekiwe ka bokae.

Dintwa tsa Dikhothane[edit | edit source]

Lebaka[edit | edit source]

Lebaka le leholo la metantsho ya dikhothane, ke ho bontsha bahlodisane hore ke mangy a nang le tjhelete e ngata ka ho fitisisa. Ha ho boleng kappa moputso oo motha a kareng bo a tshwareha hore motho o hlotse jwalo ka sekhothane se nang le tjhelete. Ntho seo motho ya hlotseng jwalo ka sekhothane metantshong, ke ho tuma le hore batho ba ho babatse jwalo ka motho ya nang le tjhelete e ngata, ebe ho fedile.

Kae[edit | edit source]

Metantsho ya dikhothane e etsahala haholo makeisheneng a mangata Afrika Borwa. Metantsho ena e etsahala di parkeng moo ho nang le batho ba bangata. Hape e etsahala moo ho mang le sebaka moo batho ba bangata ba kopanang teng.

Bomang[edit | edit source]

Batho ba kenelang diphihisano tsena tsa bokhothane, ke bahlankana ba dilemo tse mahareng a 12 le 25, batswang malapeng a futsanehileng kappa bao ba fuming tjhelete e nyane mesebetsing ya bona. Metantsho ena ya dikhothane ese e hutse le makgarebe a batjha. Dihlodisano tsena dib a pakang tsa batja hoja ka dilemo, dibaka, makeishene ka ho fapana. Bao ba senyang ka ba tjhesang diaparo tsa bona ka bongata eba bona bahlodi.

E etswa jwang Metantsho ya Dikhothane[edit | edit source]

Hore motho a kgone ho kenella phadisano ya izikhothane, o tshwanetse ke hore a reke diaparo, dieta, thepa e theko e hodimo haholo. Diaparo tseo di tshwanetse hore dibe le mmala o phahameng haholo, ebe diaparo tsa mabitso a hodimo. Ha motho a enale diaparo tsa theko e hodimo, o eba le menyetla ya ho hlola phadisanong. Bahlodisane ba bitsana hoya ka moo e mong a apereng ka teng, ebe tlhodisano eya qala hoya ka theko ya diaparo. Bahlodisane bana, bat la tentsha bantse ba bontshana dithepa tsa bona, ebe balebedi kappa leqhubu la batho (matshwele) eba bona bao ka kgethang hore ke mang mohlodi. Hore o hlole phehisano, sekhothane setswanetse hore re tjhese thepa kapa ho tabola tjhelete, ho qhala jwala ba theko e hodimo, bathube kapa ho kenya difonofono tsa letheka metsing, ho bontsha matshwele hore yena onale bokgoni. Letshwele e tlaba lona le kgethang mohlodi.[3] Letshwele e tlaba lona le kgethang mohlodi hoya ka moo a bontshitseng hore onale tjhelete e kae kaho tlepetsa thepa eo a nang le yona ya theko e hodimo.

Setso[edit | edit source]

Batjha bao ba bitswang izikhothane, ba papiswa jwalo ka batho bao ba hlokang tsebo ka ditjhelete le melemo ya yona, ba senang tjhebelo pele ya bokamoso, ba ratang thepa ja majabajaba e tshwarehang, mme ba rata botumo haholo.[2] Setso sa dikhothane ke sa batho bao ba ratang ho iponahatsa hore bona ha batswe malapeng a futsanehileng moo tlala le bofutsanehi bo seyong. Bonnete ele hore bofumanehi ke hona moo bo leng teng kalebaka la tjhelete eo batho ba e fumanang mesebetsing ya bona.

Dipontsho tsa ditshwantsho[edit | edit source]

Ditlama[edit | edit source]

  1. Capron, Alexandre (2013-09-09). "'Izikhothane': South Africa's bizarre money-burning trend". France24. International News 24/7. 
  2. 2.0 2.1 Nkosi, Sibongile (2011-10-11). "Burn after wearing -- township kids' hottest fashion statement". Mail & Guardian. M&G Online. 
  3. 3.0 3.1 Unknown (2012-07-18). "Burning Bling". The Star Newspaper. Independent Online. 

Tebiso[edit | edit source]


Dikamano tsa ditaba tsa kantle[edit | edit source]