Jump to content

Kagiso Rabada

E tswa ho Wikipedia

 Kagiso Rabada, sebapadi se sehlwahlwa sa motho e motsho papading ya kerikete boemong ba matjhaba naheng ya Aforika Borwa o bontsha makgabane a hae lefatsheng la dipapadi.

Sebapadi sa kerikete boemong ba matjhaba Aforika Borwa: Kagiso Rabada
Sebapadi sa kerikete boemong ba matjhaba Aforika Borwa: Kagiso Rabada

Rabada (a hlahileng ka la 25 Motsheanong 1995) ke sebapadi sa kerikete boemong ba matjhaba sa Afrika Boroa se bapalang mefuta ya dipapadi tsohle papading ya kerekite. Ke sebapadi se akgelang ka sefutho ka letsoho le letona. O qadile ho bapalla sehlopha sa naha ka Pudungwane 2014 papading tse lekanyeditsweng pele a bapala dipapadi tsa Diteko ka Pudungwane 2015. Ka Pherekgong ya 2018, o ne a le dilemo tse 22 feela mme o ile a ba boemong bo ka hodimo dipapading tse bapalang dipapadi tsa Diteko le tsa Tekanyetso. Ka kgwedi ya Phupu 2018, Rabada e ile ya ba sebapadi se senyenyane ho fumana diwikete tse 150 dipapading tsa Diteko (O ne a ena le dilemo tse 23 le matsatsi a 50). [1]

Ka Phupu 2016, Rabada e ile ya e ba sebapadi sa pele sa kerikete ho hapa dikgau tse tsheletseng moketjaneng wa Mokgatlo wa Kerikete Aforika Borwa wa ho aba dikgabo, moo a hapileng kgau ya Sebapadi sa Selemo. Ka Phupjane 2018, o ile a boela a hapa dikgau tse tsheletseng moketjaneng wa Mokgatlo wa Kerikete wa Aforika Borwa moo a boetseng a hapa kgau ya Sebapadi sa Selemo, Sebapadi sa Diteko le sa Dipapadi tsa Tekanyetso sa Selemo. Ka Phato 2018, Wisden o ile a mo kgetha ho ba sebapadi se senyenyane se ipabotseng lefatsheng. O kgonne ho nka diweketetharo mefuteng yohle ya kerikete[2].

Kakaretso ya rekoto dipapading[fetola | fetola mohloli]

Rabada o na le rekoto e kgahlisang haholo mefuteng e meraro ya papadi ya kerikete.[3]

Dipapading tsa selehae[fetola | fetola mohloli]

Rabada o ile a qala ho bapala Gauteng ka Tlholisano ya Porofensi ya Mokgatlo wa Kerikete Aforika Borwa ya Letsatsi ka le leng kgahlanong le Border ka Tshitwe 2013.

Mehlodi[fetola | fetola mohloli]

  1. https://www.espncricinfo.com/cricketers/kagiso-rabada-550215
  2. https://www.newindianexpress.com/sport/t20worldcup/news/2021/Nov/06/south-africa-vs-england-kagiso-rabada-claims-hat-trick-in-t20-world-cup-2380369.html#:~:text=SHARJAH%3A%20South%20Africa%20pace%20bowler,complete%20the%20feat%20in%20Sharjah.
  3. https://www.espncricinfo.com/cricketers/kagiso-rabada-550215/tests-odi-t20-records