Kamo Mphela
Kamogelo Mphela (ya hlahileng ka la 29 Pulungoana 1999),[1] ya tsebahalang ka lebitso la Kamo Mphela, ke sebini le setantshi sa Afrika Borwa. E ile ya e-ba motho ya tummeng marangrang a dikgokahano tsa setjhaba ka mora hore a kenye video ya motjeko wa hae akhaonteng ya hae ya litaba tsa sechaba.[2]
Bophelo ba bongwaneng le thuto
[fetola | fetola mohloli]Kamo Mphela o hlahetse Soweto, Afrika Borwa mme o holetse Emdeni, Soweto. O ile a ya Boston Media House ho ya ithuta metjha ya ditaba..[3]
Mosebetsi
[fetola | fetola mohloli]Takatso ya hae ya ho tantsha e qadile a sa le monyenyane, ha a ne a tsamaya le ntatae ya neng a sebetsa YFM le diketsahalong tseo a neng a tla di etsa sethaleng le ho tantsha tse ileng tsa qetella di entse hore a hlahelle haholwanyane ka ditshwantshiso. Hamorao o ile a tuma ka ho beha divideo ho Instagram moo a ileng a bontsha bokgoni ba hae ba ho tantsha.[4] Pele a tswela pele ka mosebetsi wa hae wa ho tantša o ne a kile a leka ho bapala mme a ba le monyetla wa ho ba motlatsi wa thelevishene Isibaya, empa hamorao o ile a hlokomela hore e ne e se bakeng sa hae mme a qala ho bapala e le sebini sa di-gigs.[3] O ne a tsejwa e le "Queen of Amapiano" ka lebaka la tsebo ya hae ya ho tantsha.[5]
Ka 2019, o ile a saena ho Major League Music mme a lokolla Ep ya hae e bitswang, Twentee tlasa label.[6] O boetse a lokolotse dipina tse kang Suka Emabozen le Menemene hape o sebelisane le sebini sa Afrika Borwa Busiswa pina e le wnngwe ea Sbwl[7] mme o hlahile ho MFR Soulz single Amanikiniki boemong ba #1 ho Good Hope FM's SA House Music Top 10 Chart.[8][9] O boetse a bapala le ho sebetsa le dibini tsa lehae tse kang Nadia Nakai le Killer Kau. O nnile a hlahiswa e le sebini dipineng tsa amapiano tse kang Sukendleleni le Labantwana Ama Uber.[3] Ntle le amapiano, o boetse a tantshetsha le mefuta e meng ya mmino e tsebahalang Afrika Borwa e kenyelletsang Gqom, kwaito le pantsula.[2]
Discography
[fetola | fetola mohloli]- Twentee (2019)[10]
- Nkulunkulu (2021)
Mehlodi le Ditlhahiso
[fetola | fetola mohloli]- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2021-01-16. Retrieved 2022-08-01.
- 1 2 https://briefly.co.za/86953-kamo-mphela-bags-awesome-ambassadorship-shows-bagging-face.html
- 1 2 3 https://en.wikipedia.org/wiki/Kamo_Mphela#cite_note-:1-3
- ↑ https://www.timeslive.co.za/tshisa-live/tshisa-live/2019-11-15-listen--kamo-mphela-if-youre-doing-normal-things-people-wont-see-you-as-different/
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2020-09-24. Retrieved 2022-08-01.
- ↑ https://www.dailysun.co.za/dailysun/Celebs/major-league-djs-signed-kamo-mphela-20191116
- ↑ https://www.okayafrica.com/busiswa-and-kamo-mphela-single-sbwl/
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2020-10-14. Retrieved 2022-08-01.
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2020-09-20. Retrieved 2022-08-01.
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2020-10-31. Retrieved 2022-08-01.