Kapa de small
Kabelo Petrus Motha (ya hlahileng ka la 27 Pudungwana 1992) ke DJ ya Afrika Boroa le mohlahisi wa direkoto, ya tsebahalang ka lebitso la Kabza De Small. Ke motho ya ka sehloohong mofuteng wa mmino wa Amapiano, wa mmino wa house. Ntle le mosebetsi wa hae a le mong, Motha ke setho sa Scorpion Kings[1]. Kabelo Motha o fumane botumo ba machaba ka mor'a ho lokolloa ha "Umshove"[2], ka 2018.
Forbes Africa e behile Motha palo ea 18 lethathamong la bona la 30 tlas'a lilemo tse 30.
Bophelo le mosebetsi
[fetola | fetola mohloli]O hlahetse le ho holela Mpumalanga, hamorao ba ha Motha ba fallela Pretoria. Mosebetsi wa hae wa mmino o qadile ka 2009. O lokolitse albamo ya hae ya pele ya Avenue Sound[3] ka 2016 tlasa Bestbyfar Records[4]. Nakwana kamora hore a tsamaye le Bestbyfar Records, Kabza o ile a theha lebitso la hae la rekoto ya PianoHub[5]. Sebini sa hae sa "Umshove" se nang le sebini sa Afrika Borwa Leehleza[6] se lokollotsoe ka 2018. Ka la 1 Mphalane 2019, o ile a lokolla Piano Hub Ep[7] le DJ Maphorisa.[8] Papadi e atolositsweng e netefalitswe 3× Platinamo Afrika Borwa[9]. The Return of Scorpion Kings e lokollotswe ka la 29 Pudungwana 2019.[10]
Ka la 31 Pherekhong 2020, Scorpion Kings (Kabza de Small le DJ Maphorisa) ba phatlaladitse Scorpion King Live, e neng e lokela ho ba la 11 Mmesa, Sun Arena, Times Square e Pretoria.[11] Konsarete e ile ya tjhetjhiswa ka lebaka la sewa sa COVID-19, 'me ea khutlisetsoa ho la 9 Phato.
Albamo ya hae ya studio I Am the King of Amapiano: Sweet & Dust, e lokollotswe ka la 26 Phuptjane 2020. Letlapa lena le netefalitswe ka platinum e habedi Afrika Borwa. Ka December 2020, Kabza o ile a thathamisqa e le sebini sa Afrika Borwa se phatlalalitsweng ka ho fetesisa ke Spotify. Kgweding yona eo, Kabza o phatlaladitse albamo ya tshebedisano mmoho ya Rumble in the Jungle, mme a lokolla e le enngwe ya pele "Funu", e nang le sebini sa Afro-pop Tresor ka Hlakola 2021. Rumble in the Jungle, a collaborative studio album by Kabza de Small, DJ Maphorisa, and Tresor was released on 9 April 2021.
Ka Phupu 2021, o ile a hlahiswa makasineng ya Rolling Stone bakeng sa mosebetsi wa hae wa mmino. Ka la 27 Lwetse, Kabza le DJ Maphorisa ba ile ba lokolla "Abalele" e nang le sebini sa Afrika Borwa Ami Faku. Pina e qadile ka nomoro ya 4 ditjhateng tsa Spotify le nomoro ea 1 ho Chate ea Mmino ya Afrika Borwa ya molao.
Mathwasong a Pherekgong 2022, o phatlalalitse albamo ya hae e tlang ya KOA II Karolo ea 1[12], akhaonteng ya hae ya Instagram. Albamo e ne e lokela ho lokolloa ka la 16 Phuptjane 2022.
Setudio sa hae sa EP Ziwangale[13] se lokollotswe ka la 22 Mmesa 2022. Ke pina e ka sehloohong ea "Ziwa Ngale"[14] e nang le DJ Tira, DJ Exit SA, Beast, Mshunqisi, Young Stunna, le Felo Le Tee, ba nang le nomoro e hatisitsoeng ditjhateng tsa mmino tsa iTune SA.[15]
Lipina tse ling tse tharo, "Ebusuku"[16] e nang le Nkosazana Daughter,[8] "Kabza" e nang le Murumba Pitch[17], le "Mak'shoni Langa" e nang le DJ Maphorisa, Murumba Pitch, le Da Muziqal Chef, e qalileng ka nomoro ya busupa, ya bo leshome le metso e mmedi le ya mashome a mabedi a metsl e tsheletseng ka ho latellana. , ho iTunes.[18]
Ka la 31 Motsheanong, Kabza e ile ya lokolla lilldipina tse 6; "Khusela"[19] featuring Msaki, "Bathini"[20] featuring Young Stunna[21] and Artwork Sounds[22], le "Isoka" featuring Nkosazana Daughter and Murumba Pitch, as part 1 of his album.
KOA II Karolo ea 1[23] (e phatlalalitsoeng ke Morena oa Amapiano 2 Karolo ya 1) e lokollotsolwe ka la 16 Phuptjane 2022. Letlapa le hlahisitse nomoro ya 11 ho iTunes top 100 chart[24], mme "Khusela"[25] e ile ea fihla sehlohlolong sa 1 lichateng tsa Apple Music.[26] Ka Phuptjane 2022, Motha o phatlalalitse leeto la maoto a mararo le tla qala ka la 24 ho isa la 26 Phuptjane.
Dikgau le mabitso
[fetola | fetola mohloli]| Selemo | Mokgethwa / mosebetsi | Kgau | Sephetho |
|---|---|---|---|
| 2020 | Nana thula | Pina e Ratwang ya Selemo | E thontsweng |
| Himself | Favorite Rising Star | Hlotse | |
| Himself | DJ ya ratwang | Hlotse | |
| 2022 | "Asibe Happy" | Pina e Ratwang | E thontsweng |
| Scorpion Kings (Kabza de Small and DJ Maphorisa) | Sebini/sehlopha se ratwang sa mmino | E thontsweng | |
| DJ ya ratwang | E thontsweng |
| Selemo | Mokgethwa / mosebetsi | Kgau | Sephetho |
|---|---|---|---|
| 2021 | Scorpion Kings Live | Album ya Selemo ya Amapiano | E thontsweng |
| Scorpion Kings | Best Amapiano Male DJ Act | E thontsweng | |
| Himself | Moetsi ya Molemo ka ho Fetisisa wa Mmino wa Amapiano | Hlotse | |
| "Emcimbini" | Tshebedisano e Molemohadi ya Amapiano | E thontsweng |
| Selemo | Mokgethwa / mosebetsi | Kgau | Sephetho |
|---|---|---|---|
| 2020 | Scorpion Kings (DJ Maphorisa, Kabza De Small, MFR Souls & Virgo Deep) | Album ya Selemo | Hlotse |
| The Return of the Scorpion Kings (Kabza De Small and DJ Maphorisa) | Best Kwaito/Gqom/Amapiano | E thontsweng | |
| 2021 | Once Upon A Time in Lockdown – Kabza De Small & DJ Maphorisa (Scorpion Kings) | Album of the year | E thontsweng |
| I Am The King of Amapiano: Sweet & Dust | Moetsi wa Monna wa Selemo | Hlotse | |
| Once Upon A Time in Lockdown (Scorpion Kings) | Duo/Sehlopha sa Selemo | Hlotse | |
| I Am The King of Amapiano: Sweet & Dust | Album e ntle ka ho fetisisa ya Amapiano | E thontsweng | |
| 2022 | "Asibe Happy"
"Abalele" |
Tlaleho ya Selemo | E emetse |
| Selemo | Mokgethwa / mosebetsi | Khau | Sephetho |
|---|---|---|---|
| 2021 | Himself | Coolest Local Club DJ | Hlotse |
| Selemo | Mokgethwa / mosebetsi | Kgau | Sephetho |
|---|---|---|---|
| 2021 | "Emcimbini" | Pina e Voutetsweng ka ho Fetisisa | E thontsweng |
Discography
[fetola | fetola mohloli]Dialbamo tsa studio
[fetola | fetola mohloli]- Avenue Sound (2016)
- Pretty Girls Loves Amapiano (2019)
- I Am the King of Amapiano: Sweet & Dust (2020)
- KOA II Part 1 (2022)
Dialbamo tse kopanetsweng
[fetola | fetola mohloli]- Scorpion Kings EP (with DJ Maphorisa) (2019)
- Piano Hub EP (with DJ Maphorisa) (2019)
- The Return of the Scorpion Kings (with DJ Maphorisa) (2019)
- Scorpion Kings Live At Sun Arena (with DJ Maphorisa) (2020)
- Once Upon A Time In A Lockdown (with DJ Maphorisa) (2020)
- Rumble in the Jungle (with DJ Maphorisa & TRESOR) (2021)
EPs
[fetola | fetola mohloli]- Ziwangale EP (2022)
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ https://www.iol.co.za/entertainment/whats-on/scorpion-kings-announce-star-studded-line-up-ahead-of-upcoming-concert-6c7bfe26-f683-43b0-9f97-3e41b870d7fb
- ↑ https://www.youtube.com/watch?v=AJexB-qG9C0
- ↑ https://open.spotify.com/album/7toSGrZNq3vXVVInEpEdLQ
- ↑ https://www.dailysun.co.za/amp/dailysun/success/kabza-in-record-label-mess-20190629
- ↑ https://zatunes.co.za/2021/list-of-artists-producers-signed-under-pianohub-records#:~:text=PianoHub%20no%20doubt%20is%20currently,the%20Kabza%20De%20Small's%20initiative.
- ↑ https://theyanos.co.za/2021/07/10-things-you-should-know-about-leehleza/
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2022-07-29. Retrieved 2022-07-29.
- 1 2 "Archive copy". Archived from the original on 2024-05-23. Retrieved 2024-05-23.
- ↑ https://web.archive.org/web/20230201093729/https://zalebs.com/top-of-the/dj-maphorisa/kabza-and-dj-maphorisa-s-projects-reaches-multi-platinum-status
- ↑ https://www.citizen.co.za/entertainment/3149314/scorpion-kings-release-stellar-line-up/
- ↑ https://www.suninternational.com/time-square/sunbet-arena/
- ↑ https://www.iol.co.za/the-star/news/kabza-de-small-lights-up-new-yorks-times-square-billboard-96b39308-2a6b-40e4-a8e4-6648637dc9ad
- ↑ https://www.yomzansi.com/2022/04/22/stream-kabza-de-small-drops-new-4-track-ep-ziwangale/
- ↑ https://www.youtube.com/watch?v=6tD8iEX3yhM
- ↑ https://scrolla.africa/strike-kabza-de-small-lands-all-ep-songs-on-charts/
- ↑ https://open.spotify.com/track/1T85qf7aGYCd7wA793pfRR?autoplay=true
- ↑ https://www.instagram.com/murumba_pitch/?hl=en
- ↑ https://scrolla.africa/strike-kabza-de-small-lands-all-ep-songs-on-charts/
- ↑ https://music.apple.com/za/album/khusela-feat-msaki/1626250888?i=1626250889
- ↑ https://open.spotify.com/track/6VzdScUkvSVRD2Lt7iQuCo?autoplay=true
- ↑ https://en.wikipedia.org/wiki/Young_Stunna
- ↑ https://www.facebook.com/ArtWorkSounds
- ↑ https://www.iol.co.za/the-star/news/kabza-de-small-lights-up-new-yorks-times-square-billboard-96b39308-2a6b-40e4-a8e4-6648637dc9ad
- ↑ https://music.apple.com/za/playlist/top-100-south-africa/pl.447bd05172824b89bd745628f7f54c18
- ↑ https://music.apple.com/za/album/khusela-feat-msaki/1626250888?i=1626250889
- ↑ https://scrolla.africa/kabza-de-small-hits-six-in-six/
- ↑ https://www.news24.com/amp/channel/tv/news/dstv-mzansi-viewers-choice-awards-the-2022-nominees-20220414-2
- ↑ https://www.musicinafrica.net/magazine/sa-amapiano-music-awards-2021-all-winners
- ↑ https://www.okayafrica.com/2020-south-african-music-awards-samas-winners/?rebelltitem=4#rebelltitem4
- ↑ https://www.snl24.com/drum/celebs/news/heres-the-full-list-of-the-sama-winners-20210731-3
- ↑ https://www.thesouthafrican.com/culture/music/breaking-sama-28-nominees-artist-record-music-video-of-the-year-dj-maphorisa-musa-keys-nominations/
- ↑ https://www.mediaupdate.co.za/media/151071/2021-sunday-times-gennext-winners-announced
- ↑ https://www.musicinafrica.net/magazine/mzansi-kwaito-and-house-music-awards-2021-all-winners
- ↑ MundoFut TV é um canal que transmite ao vivo o Campeonato Brasileiro Série A