Jump to content

Lefehlo

E tswa ho Wikipedia
Lefehlo
Lefehlo la Sesotho

Lefehlo la Sesotho.

Lefehlo ke mosebetsi wa ho amohela lethuela le ho le kwetlisa bakeng la ho ba ngaka e phethahetseng ya Sesotho. Motho ya fehlellwang o bitswa lethuela mme hangata o ya lefehlong ha a bontshitswe mpho ya hae ke badimo, e be o ya ngakeng enngwe ya Sesotho hore e lo mo fehlella. [1]Hangata lethuela le ya lefehlong dikgwedi tse ka bang tse tsheletseng. Nakong ena ya ho fehlellwa, lethuela ha le a dumellwa ho ya lapeng ho fihlela nako ya ho kwetliswa/fehlellwa e se e fetile. Lethuela le fuwa lebitso le letjha (le kang Mamoya, Makoena, Makganyapa).

Ha le se le qetile ka leeto la ho fehlellwa, e be le etsetswa mokete o lokisetsang ho ya ha bo. Tsatsing la mokete wa ho kgutlela lapeng, mathuela a mang a tla a tlo letsa dikupu tsa bona tse entsweng ka matlalo a diphoofolo, ba bine le ho kgiba bosiu kaofela. Ho tla hlajwa phoofolo e itseng, ho etswe majwala, ho tliswe le dimpho jwalo jwalo. . Ha mokete o se o fedile, eo e neng e le lethuela e se e le ngaka ya sesotho e phethahetseng, mme a ka hlahloba le ho thusa batho ba motseng ka ditlhare tsa hae.[2]

  1. https://newafricanmagazine.com/26920/
  2. https://scholar.ufs.ac.za/server/api/core/bitstreams/9302255a-1265-4f9d-854d-13b0795a15a4/content