Lehloyo la melata

E tswa ho Wikipedia
Jump to navigation Jump to search
Khathune ya dipolotiki tsa US ya kgethollo ya morabe: Malome Sam o leleka monna wa Motjhaena, ho bolelwa ka Molao wa Kgethollo ya Matjhaena (Chinese Exclusion Act). setshwantsho se phatlaladitswe mengwahakolong ya bo 19 

Lehloyo la melata ke tshabo e sa utlwisiseheng ya se bonwang e leketso e sa tlwaelehang. Lehloyo la melata le ka bonahala ka ditsela tse ngata tse kenyeletsang dikamano le menahano ya sehlopha se itseng se tsebanang, se sebetsang kapa ho phela mmoho, sehlopheng se seng se sa amaneng le sona,  menahano eo e kenyeletsa ho lahlehelwa ke botho kapa semelo, pelaelo ya diketso tsa sona, dikgoka le ho batla ho fedisa ho ba teng ha sona ho sireletsa bophelo bo se nang diketso tse sa lokang. Lehloyo la melata le ka boela la bontshwa ka sebopeho sa "thoriso e seng mpe ya botjhaba bo bong" eo ho yona botjhaba bo thoholetswang "ho se be bohlokwa ka tsela e sa tlwaelehang ya diketso tseo e seng tsa nnete" Phatlalatso ya Vienna le Lenaneo la Ho phethahatsa ketso e itseng e kgothalletsa mmuso ho nka mehato ya hanghang le ho etsa maano a matla a ho thibela le ho fedisa mefuta kaofela ya kgethollo ya morabe le diketso tse bonahalang tsa kgethollo ya morabe, lehloyo la melata kapa ho se be le mamello ho amanang le diketso tseo, moo ho hlokehang ka molao o sebetsang o loketseng o kenyeletsang mehato ya kgalemo.

Mefuta e mmedi[edit | edit source]

Wa pele ke sehlopha sa baahi se phelang setjhabeng se itseng, se sa nkweng e le karolo ya setjhaba seo. Hangata ke bafalli ba moraorao, empa lehloyo la melata le ka lebiswa sehlopheng se itseng seo e sa le se le teng mengwahakgolong e mengata, kapa se bile karolo ya setjhaba sena ka ho hatjwa le ho eketseha ha naha. Mofuta ona wa lehloyo o ka tlisa diketso tsa dikgoka, tse jwalo ka ho lelekwa ha bongata ba bafalli, merusu kapa diketsahalong tse ding, phediso ya dikarolo kaofela kapa tse itseng tsa sehlopha sa morabe.

Mofuta wa bobedi wa lehloyo la melata haholoholo ke botjhaba, mme dipheo tsa tshabo ke dintho tsa botjhaba tse nkwang di sa tlwaelehang. Botjhaba kaofela bo itshetlehile ditshwaetsong tsa ka ntle, empa lehloyo la botjha ba melata hangata le lebiswa karolong e itseng feela, ho etsa mohlala, maadingweng a puo ya naha. Ha se hangata e bakang diketso tsa dikgoka bathong ka bonngwe, empa e ka baka matsholo a dipolotiki a ho se tshwaetse botjhaba kapa puo ka diketso tse sa amoheleheng. Ho tlatsetsa se boletsweng, ditjhaba tse bontshang lehloyo la melata ka ho phethahala ka mehla ha di amohele ho buisana kapa ho etsa dintho le dife kapa dife tseo "e seng" karolo ya tsona, ho bakang ho ikgetha ho ka eketsang lehloyo la melata le ho feta.

References[edit | edit source]