Letsie III

Letsie III,Seeiso Bereng ( ya hlahileng ka la, 17 Phupu 1963) ke Morena wa Lesotho. O ile a hlahlama ntatae, Moshoeshoe II, ya ileng a qobellwa ho iswa botlamuweng ka 1990. Ntate wa hae o ile a tsosoloswa ka nakwana ka 1995 empa a hlokahala kotsing ya koloi mathwasong a 1996, mme Letsie a boela a busa. E le morena wa molao wa motheo, boholo ba mesebetsi ya Morena Letsie III e le morena wa Lesotho ke ya mekete. Ka selemo sa 2000, o ile a phatlalatsa HIV/AIDS naheng ya Lesotho e le koduwa ya tlhaho, e leng se ileng sa etsa hore naha le matjhaba ba arabele sewa sena hanghang.
Biokerafi
[fetola | fetola mohloli]Letsie III o hlahile ka la 17 Phupu 1963 Sepetleleng sa Scott Morija, Morija. O ile a rutwaUnited Kingdom Ampleforth College. Ho tloha moo, o ile a ya ithuta Setsing sa Setjhaba sa Lesotho, moo a ileng a fumana lengolo la Bachelor of Arts Degree in Law. Eyaba o tswela pele ho ithuta Univesithing ya Bristol (Diploma in English Legal Studies, 1986), Wolfson College, Cambridge (Development Studies, 1989), le Wye College (Economics ea Temo). O qetile dithuto tsa hae ka 1989, ha a kgutlela Lesotho.
O ile a behwa setulong sa Borena ba Sehlooho wa Matsieng ka la 16 Tshitwe 1989.
Ho behwa borena ha hae ho etsahetse ka la 31 Mphalane 1997 Lebaleng la Setsoto. Charles, Kgosana ya Wales o ile a ba teng moketeng ona.
Ka la 1 Tshitwe 2016, Roma, Morena Letsie III o ile a kgethwa e le Moemedi ya Kgethehileng wa Phepo e Ntjha wa Mokgatlo wa Dijo le Temo ke Motsamaisi Kakaretso wa Mokgatlo, José Graziano da Silva.