Lucky Dube
| Lucky Dube | |||
|---|---|---|---|
| Mosebetsi: | Sebini | ||
| Naha: | Afrika Borwa | ||
| Letsatsi la tswalo: | 3 Phato 1964 | ||
| Sebaka sa tswalo: | Afrika Borwa | ||
| Letsatsi laho hlokahala: | 18 Mphalane 2014 | ||
| Sebakeng saho hlokahalla: | Mpumalanga | ||
Lucky Philip Dube (e hlahang ka duu-beh; [1] la 3 Phato 1964 - la 18 Mphalane 2007) e ne e le sebini sa reggae sa [https://vulabula.co.za/reader/afrika-borwa-ya-rona.html Afrika Borwa le Ba-Rastafarian. Ho rekiswa ha direkoto tsa hae lefatsheng ka bophara ho ile ha mo fa kgau ya Mmino wa Afrika o rekiswang ka ho fetisisa Moketeng wa World Music Awards wa 1996. Dube o ne a bina ka ditaba tse amang Maafrika Borwa le Maafrika ka kakaretso dipineng tsa hae. O ile a hatisa dialbamo tse 22 ka nako ya dilemo tse 25.[2]
Tsa bophelo ba bonyaneng
[fetola | fetola mohloli]Lucky Dube o hlahetse Ermelo, Transvaal (eo hona jwale e leng Mpumalanga), ka la 3 Phato 1964. Batswadi ba hae ba ile ba arohana pele a tswalwa, mme o ile a hodiswa ke mme wa hae, a ileng a mo reha lebitso la "Lucky" hobane a ne a nka tswalo ya hae e le lehlohonolo ka mora ho ima ha mmalwa. Ha mmoho le bana babo ba babedi, Thandi le Mandla. Dube o qetile boholo ba bongwana ba hae le nkgono wa hae Sarah, ha mmae a fallela mosebetsing. Puisanong ya 1999, o hlalositse nkgono wa hae e le "lerato la hae le leholo", "ya ileng a atisa dintho tse ngata ho hodisa motho enwa ya nang le boikarabelo eo ke leng yena kajeno".
Qalo ya mmino
[fetola | fetola mohloli]Dube o ne a sebetsa e le mohlokomedi wa dirapa dilemong tsa hae tsa botjha empa ha morao a etsa qeto ya hoya sekolong e le hore a ntlafatse menyetla ya hae ya moruo. Ha a le moo, o ile a kenela khwaere mme le metswalle e meng, ba theha sehlopha sa hae sa pele sa mmino, Skyway Band. Ha a ntse a le sekolong, o ile a fumana mokgatlo wa Rastafari. Ha a le dilemo di leshome le metso e robedi, Dube o ile a ikopanya le sehlopha sa motswalla a hae, Love Brothers, se neng se bapala mmino wa pop wa Zulu o tsejoang ka lebitso la mbaqanga. Sehlopha sena se ile sa saena le Teal Record Company mme sa rekota albamo ya Lucky Dube le Supersoul,mme Dube a qala ho ithuta Senyesemane.Ka selemo sa 1986, mmoho le motswala wa hae Richard Siluma, Dube ba ile ba lokolla alebamo ya Seafrikanse Die Kaapse Dans, ya latelwa ke EP Help My Krap, selemong sona seo, tlasa lebitso la Oom Hansie.
Lefu
[fetola | fetola mohloli]Ka la 18 Mphalane selemong sa 2007, Lucky Dube o ile a bolawa ke mashodu a hlometseng Rosettenville, seterekeng sa Johannesburg, nakwana kamora ho lahlela bana ba hae ba babedi ho ba supileng ntlong ya malome wa bona. Dube o ne a kganna koloi ya hae ya moetso wa Chrysler 300C, eo bahlasedi ba neng ba e latela. Ditlaleho tsa mapolesa di fana ka maikutlo a hore o ile a thunngwa ke mashodu a dikoloi a neng a sa mo tsebe; paki ya mmuso e ile ea boela ea bolela hore o ne a tobane le maikutlo a fosahetseng a hore ke Monigeria.Banna ba bahlano ba ile ba tshwarwa mabapi le polao; ba bararo ba ile ba qoswa mme ba fumanwa ba le molato ka 31 Hlakubele selemong sa 2009. Banna ba babedi ba ile ba leka ho baleha eaba ba tshwarwa. Babolai ba Dube ba ahlotsweng ba ile ba ahlolelwa bophelo bohle tjhankaneng.[3]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ Fun Facts, luckydubemusic.com, Retrieved 19 October 2007
- ↑ https://www.timeslive.co.za/tshisa-live/tshisa-live/2023-10-18-gone-but-not-forgotten--remembering-lucky-dube-on-the-16th-anniversary-of-his-passing/
- ↑ https://www.nbcnews.com/id/wbna21377807
