Mabitso a sesotho le ditlhaloso tsa ona

Basotho ba reha bana ba bona mabitso a Sesotho ho latela ntho e itseng. Basotho ba kgale hangata ba ne ba rehella bana ka batho ba itseng.[1] Mabitso ao bana ba a rehwang a na le bohlokwa bo itseng ho batswadi ba bona. Ho na le mabitso a fapaneng a rehwang bana, ho na le a bana ba banana feela le a bana ba bashemane feela mme a mang a ntse a lokile ho ka rehwa ngwana wa ngwanana kapa wa moshemane.[2]
Mabitso a fapaneng a rehwang bana
[fetola | fetola mohloli]Mabitso ana ka dinako tse ding, batswadi ba a ngola ho latela mopeleto wa naha ya Lesotho empa seratswaneng sena a tla ngolwa ho latela mopeleto wa naha ya Aforika Borwa.[3] Sengolweng sena, ho tla fanwa ka mabitso a mmalwa feela a tlwaelehileng a banana le a bashemane.
Mabitso a bana ba banana
[fetola | fetola mohloli]Bana ka dinako tse ding ba rehwa mabitso ho latela ntho e itseng.
| Lebitso | Tlhaloso |
|---|---|
| Bohlokwa | Ntho e bohlokwa (ha ngwana a le bohlokwa ho batswadi ba hae, mohlomong ha e le yena feela ngwana habo). |
| Dikeledi | Ho tswa ho ho lla: mohlomong mme wa ngwana kapa ntate wa ngwana o ne a lla ha ngwana a hlaha. |
| Dimakatso | Ho tswa ho ho makala: ha ngwana a hlaha batswadi ba sa lebella, mohlomong dingaka di itse mme a keke a kgona ho ima. |
| Keneuwe | Ho tswa ho ho nehwa: mohlomong ha mme a siuwe ke ntate wa ngwana mme a ipolella hore o fuwe ngwana e le mpho ke Modimo. |
| Maletsatsi | Ho tswa ho letsatsi: ha ngwana a hlaha mohlomong letsatsi le tjhesa haholo. |
| Ntswaki | Ho tswa ho ho tswaka: lebitso le fuwang ngwana eo e leng yena feela ngwana wa ngwanana ka hara bana ba bashemane. |
| Palesa | Ho tswa ho sejalo, palesa: ha ngwana e le palesa ho batswadi ba hae (mohlomong ha batswadi ba bona a le motle ba bona e le palesa ka ha dipalesa e le dintho tse ntle). |

Mabitsa a bana ba bashemane
[fetola | fetola mohloli]Bana ka dinako tse ding ba rehwa mabitso ho latela ntho e itseng.
| Lebitso | Tlhaloso |
|---|---|
| Hlompho | Ho tswa ho ho hlompha: mohlomong ha ngwana a hlaha ha batswadi ba nyalana o rehwa lebitso lena hobane batswadi ba hlomphile molao wa ho ba le ngwana ka mora lenyalo. |
| Kabelo | Ho tswa ho ho abela: ha batswadi ba abetswe mpho ke Modimo. |
| Kgotso | Mohlomong ngwana o tla tlisa kgotso lelapeng le ferekaneng. |
| Lefa | Ha ngwana e le wa matsibolo lelapeng labo, mafa a lelapa leo a tla ya ho yena. |
| Modise | Ho tswa ho ho disa: mohlomong ntate wa ngwana o ne a rata ho disa dikgomo. |
| Mokgethi | Ho tswa ho ho kgetha: mohlomong batswadi ba kgethile ho ba le ngwana hona le dintho tse ding. |
| Motsamai | Ho tswa ho ho tsamaya: mohlomong ha mme kapa ntate wa ngwana a ne a rata tsela. |
Mabitso a rehwang bana ba banana le ba bashemane
[fetola | fetola mohloli]Bana ka dinako tse ding ba rehwa mabitso ho latela ntho e itseng.
| Lebitso | Tlhaloso |
|---|---|
| Amohelang | Ho tswa ho ho amohela: ha batswadi ba amohetse mpho eo Modimo a ba fileng yona. |
| Katleho | Ho tswa ho ho atleha: mohlomong ho hlaha ha ngwana e bile ho atleha ha batswadi bophelong. |
| Lebohang | Ho tswa ho ho leboha: Ha batswadi ba leboha Modimo ka mpho ya bona. |
| Mamello | Ho tswa ho ho mamella: ka dinako tse ding motho wa mme ha a bonahale ha a imme ebe jwale o fa ngwana lebitso Mamello hobane o ne a mo mamelletse a le mong batho ba sa tsebe. |
| Tumelo | Ho tswa ho ho dumela: mohlomong batswadi ba ne ba na le tumelo ya hore mme wa ngwana o tla ima le ha dingaka di hana. |
| Itumeleng | Ho tswa ho ho thaba: ha batswadi ba thabile ha ngwana a hlaha. |
| Mosa | Ha Modimo a bile le mosa wa ho fa batswadi ngwana. |
Mabitso a bebeleng
[fetola | fetola mohloli]| Lebitso | Tlhaloso |
|---|---|
| Amose (moshemane) | Amos |
| Daniele (moshemane) | Daniel |
| Jakobo (moshemane) | Jacob |
| Mareha (ngwanana) | Mary |
| Moshe (moshemane) | Moses |
| Peterose (moshemane) | Peter |
| Samuele (moshemane) | Samuel |
Mabitso a Bahale le Nalane ya Basotho
[fetola | fetola mohloli]
| Lebitso | Tlhaloso |
|---|---|
| Bereng (moshemane) | Morena wa Basotho. |
| Mantsopa (ngwanana) | Moetapele wa mme nalaneng ya Basotho. |
| Masilo (moshemane (lefahla)) | Lebitso la setso ho tswa ditshomong tsa Sesotho. |
| Masilonyane (moshemane (lefahla)) | Bonyane ba Masilo, hangata mabitso ana a mabedi (Masilo le Masilonyane) a rehwa bana ba mafahla. |
| Masopha (moshemane) | Mora wa Morena Moshoeshoe. |
| Mohlomi (moshemane) | E mong wa baetapele ba bohlale ba Basotho. |
| Monaheng (moshemane) | E mong wa Marena a kgale a Basotho. |
| Nthatisi (ngwanana) | Lebitso la motho wa mme nalaneng ya Basotho. |
| Seeiso (moshemane) | Morena wa Basotho. |
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ https://www.news24.com/news24/ke-mosotho-ke-tswa-ntswanatsatsi-20150929
- ↑ http://www.sesotho.org/names.htm
- ↑ http://www.sesotho.org/names.htm
- ↑ http://www.sesotho.org/names.htm
- ↑ http://www.sesotho.org/names.htm
- ↑ http://www.sesotho.org/names.htm
- ↑ http://www.sesotho.org/names.htm
- ↑ http://www.sesotho.org/names.htm