Maele
Maele
Maele ke dipolelo tse hlalosang, tse eletsang motho ka tsela e itseng mme a sebedisa puo e tswapetseng.[1] Ngcangca (1990) o hlalosa maele e le dipolediso tse nang le moelelo o tswapetseng, o supang nnete e itseng ka bohlale le bokgeleke.[1] Maele a hlophisitswe ka mekgwa e fapaneng[2] mme yona ke e latelang: disebediswa, diphoofolo, ditho tsa mmele, dinonyana le dikokonyana, batho, dijo le dimela jwalojwalo.[3]Maele ke karolo ya bophelo ba Mosotho. A ruta bana le batho ba baholo ka boitshwaro. A mang a maele ke a kgalemang le ho laya. Mme Mamanamolela Sehlabo bukeng ya hae e bitswang Lefi la Puo o hlophisitse maele le dikapolelo tse ngata tsa Sesotho. [4]
Mehlala e lateng ke a mang a maele a Sesotho:

Ngwana mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha.
Ha le fete kgomo le je motho.
Ngwana lekgala o tsamaya ka lekeke.
Morena ke kgetsi ya masepa.
Kgomo ha enye bolokwe kaofela.
Mokutla ha o sela o sela le dihahabi!
Tshwene ha e ipone makopo.
Kwekwe ya morao e tloha le sepolo.
Leshala le tswala molora.
Bana ba kgwale ba bitsana ka melodi.
Ho utlwela ho le dikonyana.
Ho aha serobe Phiri e se e jele.
Ngwedi e apohetswe ke dinaledi
Le pele di nale baji.

Mehlodi
- ↑ Sesotho Web : Proverbs, idioms and riddles
- ↑ Maele A Sesotho: https://schoolnotes.co.za/maele-a-sesotho-le-ditlhaloso/
- ↑ Sesotho Idioms: Maele a Sesotho le Ditlhaloso - English Translations » My Courses
- ↑ https://www.bing.com/ck/a?!&&p=fb79e8fdbe07f521JmltdHM9MTcxNTI5OTIwMCZpZ3VpZD0xZDMwZTYzYS1mNmUyLTY1OGYtMjVjMC1mMjYxZjcxZjY0NDAmaW5zaWQ9NTIwMg&ptn=3&ver=2&hsh=3&fclid=1d30e63a-f6e2-658f-25c0-f261f71f6440&psq=Lefi+la+puo&u=a1aHR0cHM6Ly93d3cubWFzZXJ1bWV0cm8uY29tL25ld3Mvc29jaWV0eS9zZWhsYWJvLXNob3dzLXlvdW5nLXNlc290aG8td3JpdGVycy10aGUtY3VlLw&ntb=1
- ↑ 🥺🖇️🩹maele🥺🖇️🩹