Makhadzi

E tswa ho Wikipedia

  Ndivhudzannyi Ralivhona (ya hlahileng 30 Phuptjane 1996 ), ya tsejwang ka lebitso la sethala Makhadzi, ke sebini sa Afrika Borwa. O hlahetse le ho holela Ha-Mashamba, Limpopo, mosebetsi wa hae o qadile ha a le dilemo tse 12 e le sebini pele a phehella mosebetsi wa mmino e le sebini, ha a ntse a kena sekolo o ile a saena tumellano ea rekoto le Rita Dee Entertainment mme a lokolla Muhwalo Uya Ndemela ka 2015. . O ile a hapa tlhokomelo ya lehae ka mora hore pina ya hae ya "Tshanda Vhuya" e lokollotsweng ka 2017. Albamo ya hae ya studio ya borobedi ya Matorokisi (2019), e qadileng ho ba ya bobeli Afrika Boroa.

Albamo ya borobong ya studio ya Makhadzi e bitswang Kokovha (2020), e bile enngwe ya dikatleho tsa hae tse kgolo ka ho fetesisa mms ya hlahella ka lekgetlo la pele ditjhateng tsa dialebamo tsa iTunes tsa Afrika Borwa . E ne ena le dipina tse hodimo ka ho fetisisa tse kang "Amadoda", "Mphemphe", "Kokovha" le "Tshikwama".

Albamo ya hae ya leshome ya setudio African Queen (2021) e fihlelletse Maemo a kgauta Afrika Borwa.

Albamo ya leshome le motso o mong ya studio ya Makhadzi African Queen 2.0 (2022), e fihlile along ya pele ka hara naha.

Makhadzi o hlahetse motsaneng o bitswang Ha-Mashamba Tshivhangani, kantle ho Elim profinseng ya Limpopo . Ka mora hore batswali ba hae ba arohane, Ndivhudzannyi le banababo ba babedi ba ile ba tlameha ho dula le mme wa bona. O qeditse mophato wa 12 Sekolong se Kopanetsweng sa Mukula. Ndivhudzannyi o fumane mangolo a hae a thuto a Dikamano tsa Sechaba mme ha jwale o ntse a ithutela terama.