Mangaung

Mangaung ke motsemoholo le toropo e kgolo ya porofinsi ya Freistata. mme ka tlwaelo esale e bitswa motsemoholo wa naha wa " lekgotla la boahlodi, hammoho le motsemoholo wa molao wa Motse Kapa le motsemoholo wa tsamaiso Pitoriya (Tshwane), leha lekgotla le phahameng ka ho fetisisa Afrika Borwa, Lekhotla la Molao wa Motheo, le bile Johannesburg [6][7][8] ho tloha 1994.
Ke motse moholo moo lekgotla la naha la Aforika Borwa le fumanehang teng. Motse o phahameng ka boemo bo ka bang 1,395 m (4,577 ft) hodima lewatle mme ho dula batho ba ka bang 256,185 (ho ya ka dipalopalo tsa 2011) mme baahi ba wela la tlase motsemoholo eleng Mangaung Metropolitan Municipality e nang le baahi ba 747,431. Mangaung ke enngwe ya metse e neng e tshwaretse dipapadi tsa mohope wa lefatshe wa FIFA ka selemo sa 2010.
Toropo ya Mangaung e na le Lekgotla le Phahameng la Boipiletso, Lebala la diphoofolo la Franklin, [11] Naval Hill, Maselspoort Resort le Sand du Plessis Theatre. Toropo e na le dimusiamo tse ngata, ho kenyeletswa Seemahale sa Naha sa Basadi, Musiamo wa Ntwa ya Maburu le Manyesemane, Musiamo wa Setjhaba le Oliewenhuis Art Museum. Mangaung e ile tshwara sebaka sa pele sa dipolanete tsa dijithale karolong e ka borwa ya lefatshe, Naval Hill Planetarium, le Boyden Observatory, sebaka sa dipatlisiso tsa dinaledi.
Mangaung e tsebahala haholo ebile hae reneketswa e tsejwa e le "toropo ya dirosa" ka bongata ba dipalesa tsena le mokete wa selemo le selemo wa dirosa o tshwarelwang mona. Ke toropo e bohareng ba naha; ke ka hoo e bitswang "Afrika Borwa e Bohareng".[12][13][14] Lebitso la Sesotho la toropo ena ya Mangaung le bolela "sebaka sa mangau".
Kereke ya Waaihoek Wesleyan
[fetola | fetola mohloli]Kereke ya Waaihoek ya Wesley ke moo mokgatlo wa African National Congress o thehetsweng teng ka 1912.
