Mbuyisa Makhubo

Mbuyisa Makhubu [2](ya hlahileng ka la 1957 kapa 1958) ke molwanedi wa tokoloho ya neng ale dilemo di 18 ,ya ileng a nyamela ka selemo sa 1979,[3]ke e mong wa bana ba sekolo sa Aforika Borwa ya nkileng Hector Pieterson setshwantshong se tummeng sa Sam Nzima, ka mora hore a thunngwe nakong ya Pherekano kapa merusu ya Soweto ka selemo sa 1976.[4]
Ka mora hore senepe se phatlalatswe, o ile a hloriswa ke basebeletsi ba tshireletso kapa maponesa , mme a qobellwa hore a balehe naheng ya Aforika Borwa.Mme wa hae, Nombulelo Makhubu, o ile a bolella Komisi ya nnete le Reconciliation hore o fumane lengolo le tswang naheng ya Nigeria ka selemo sa 1978, empa o ne a so ka a utlwa ho tswa ho yena ho tloha ka nako eo.[5]O hlokahetse ka selemo sa 2004, ho bonahala a se na tsebo ya se etsahaletseng mora wa hae.[6]Mbuyisa e ne e le e mong wa bahlasedi ba Afrika Borwa ba ileng ba balehela naheng ya Nigeria hang-hang ka mora ketsahalo ya Soweto. E ne e le e mong wa ba bararo ba ileng ba dula sekolong se phahameng sa bodulo Nigeria Borwa-Bophirimela - Kwetliso ya Mmuso ya Lekala, Warri nakong ya selemo sa thuto sa 1976/77. Empa bohle ba ile ba hloleha ho rarolla, mme ba ile ba falla pele ho selemo.[7]
Ka selemo sa 2013, ho boletswe hore monna, Victor Vinnetou, ya ileng a kwallwa tjhankaneng Canada ka dilemo tse robedi tse fetileng mabapi le ho falla ha hae ke Makhubu, diteko tsa mafu di ile tsa etswa ho netefatsa hore na monna enwa ke Mbuyisa Makhubo.[8]Hamorao ho ile ha tlalehwa hore diteko tsa DNA ha di a ka tsa tiisa hore monna eo ke Makhubu,[9]ho swetseha ha lelapa la Makhubu, [7] le hoja tlhahlobo ya DNA e tlalehilwe hore e entswe ho setho sa malapa ntle le dikamano tsa madi ho batswadi ba babedi.[10]
Ho tloha ka 2020, ho ntse ho sa tsejwe hore ana o hokae.[11][2]Selemong sona seo, sengolwa sa dikarolo tse nne se bitswang "Through The Cracks", se ileng sa lokollwa ka sehopotso sa bo 44 sa merusu ka la 16 Phuptjane 2020, se fane ka dintlha tse neng di sa tsejwe ka bophelo ba Makhubu.[4]Ho boetse ho tlalehwa hore letlapa la sehopotso sa Makhubu le tla hlongwa ka la 16 Phuptjane 2020.[2]
Ho bala hape
[fetola | fetola mohloli]- Davie, Lucille. "Hector Pieterson o Fumana Sehopotso sa Hae." Websaete ea Motse oa Johannesburg
- Davie, Lucille. "Letsatsi la Hector Pieterson le shoele." SA Web Directory
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- ↑ https://www.brandsouthafrica.com/people-culture/arts-culture/hector-s-sister-tells-the-story-still-38-years-later-01
- 1 2 3 https://www.brandsouthafrica.com/people-culture/arts-culture/hector-s-sister-tells-the-story-still-38-years-later-01
- ↑ http://www.theheritageportal.co.za/article/disappeared-june-16-victim-mbuyisa-makhubu-be-honoured
- 1 2 http://www.iol.co.za/news/politics/mystery-around-june-16-icon-lingers-on-1.243940#.UcIy0tidHMw
- ↑ https://mg.co.za/article/2014-06-12-red-herrings-plague-search-for-mbuyisa-makhubu/
- ↑ https://archive.today/20141111030650/http://africasacountry.com/the-curious-tale-of-victor-vinnetou/
- 1 2 http://ewn.co.za/2013/09/27/makhubu-family-not-satisfied-with-dna-results
- ↑ https://web.archive.org/web/20140615202327/http://www.sabc.co.za/news/a/b7d9a000445fe73bb910bd83e4a2b8b3/Spotlight-on-Makhubo%E2%80%99s-DNA-tests-ahead-of-Youth-Day-20141506
- ↑ https://web.archive.org/web/20140616001824/http://citizen.co.za/195625/dept-verifying-mbuyisa-makhubo-dna-tests/
- ↑ https://www.theglobeandmail.com/news/world/freed-from-canadian-detention-south-african-man-left-in-limbo/article30462108/
- ↑ https://www.iol.co.za/the-star/opinion-analysis/letter-its-time-for-us-to-accept-that-june-16-hero-mbuyisa-makhubu-is-dead-49552025