Mmanthatisi
Manthatisi (hape e ngolwa ka Mmanthatisi ; c. 1784 - 1847) e ne e le moetapele wa Batlokwa nakong ya bonyenyane ba mora wa hae ho tloha ka 1813 ho fihlela 1824. O qadile ho busa e le Mofumahadi setulong sa mora wa hae , Sekonyela, ka morao ha lefu la monna wa hae, Morena Mokotjo. Manthatisi o ne a tsejwa e le moetapele ya bohlale, ya matla, ya sebete le ya nang le bokgoni, ka nako ya kgotso le dintwa. Balatedi ba hae ba ne ba mo bitsa Mosanyane (e mosesane) ka lebaka la mmele wa hae o mosesanyane.
Le hoja morabe wa habo o ne o tsejwa e le Balefe, nakong ya puso ya hae, ba ile ba bitswa bo-Mmanthatisi Manthatee Horde ke manyesemane. Ka hara dintwa tsa Mfecane/Difaqane - nako ya ho falla ha batho ba bangata, Mmanthatisi o ile a sebedisa matla a hae, boinehelo, sebete le botho ba hae bo tiileng ho boloka batho ba habo ba le mmoho, ho sa tsotellehe ditlhaselo tsa kgafetsa tsa sehlopha sa Manguni.
Bophelo ba bonyaneng
[fetola | fetola mohloli]Lebitso la Mmanthatisi ha a hlaha e ne e le Monyaduwe. E ne e le moradi wa Morena Mothaha, morena wa morabe wa Basia,mme o hlahetse sebakeng seo hona jwale se bitswang Harrismith, profinseng ya Foreistata naheng ya Afrika Borwa. Kaha o ne a hlaloswa e le ngwanana ya kgahlehang, e molelele le ya kganyang ka mmala, e motle, ho ne ho thwe o ne a e na le mekgwa e metle mme a ratwa ka lebaka la bohlale ba hae. Mmanthatisi o holetse haufi le Ntswanatsatsi, e leng lehae la tshomo la moloko wa batho. Basia, batho ba Katse e Hlaha, ba ne ba tsejwa e le batho ba se nang botswalle ho hang, ba rata ntwa ka ho fetisisa. Dipineng tsa thoriso tsa batho bana ba Katse e hlaha, ho ne ho thwe “Ke batho ba ho ntsha dithebe tsa bona di ile tsa omella ka ntle lebaleng, eseng ka matlong a bona, hobane di ne di dula di le metsi ke madi a ntwa."
Batlokwa (Ma-Ana Nkwe) ke lekala le ikarotseng la leloko la Bakgatla la merabe ya Basotho le Batswana e buang Sesotho le Setswana e simolohileng Matsheng a Maholo le Bohareng ba Afrika. Ka nako ya Morena Mokotjo (monna wa Mmanthatisi), Batlokwa ba ne ba dula sebakeng se bitswang Nkwe mme ha moraho ba fetela sebakeng se bitswang Sefate. Lebitso la motse-moholo wa Batlokwa le ne le bonahatsa phohofolo ya seboko sa bona, e leng lengau.en:Tlôkwa people Sebaka sena sa Nkwe/Sefate se Verkykerskop haufi le en:Harrismith se neng se hapiloe ke Batlokwa, se phatlaladitswe e le setsha sa lefa la profinse ya Foreistata ka 2016.
Mmanthatisi e ba Motlokwa
[fetola | fetola mohloli]A sa le monyenyane, o ile a nyalwa ke motswala, Mokotjo, eo e neng e le morena wa Batlokwa. Ba le babedi ba ne ba nyalane ka selekane se tlwaelehileng. Ngwana wa bona wa letsibolo, moradi, o hlahile dilemong tsa bo-1800 mme a bitswa Nthatisi. Ho tlwaelehile moetlong wa Basotho hore mosadi a nke lebitso le letjha lenyalong la hae ka sehlongwapele "Mma" e bolelang mme, e latelwe ke lebitso la ngwana wa hae . Ke ka hoo Monyaduwe a ileng a ba MmaNthatisi (kapa Mmanthatisi) ka hobane ngwana wa hae wa letsibolo o ne a bitswa Nthatisi. Ngwana wa bobedi, mora ya bitswang Sekonyela, o hlahile ka 1804 mme ya eba mojalefa boreneng, mme mora wa bobedi, Mota, a hlaha hamorao.
Tsa Puso
[fetola | fetola mohloli]Mokotjo o hlokahetse ka 1813, a le dilemo di 27, mme Mmanthatisi ya eba moemedi wa Sekonyela, ya neng a le monyenyane haholo ho ka busa. Mokotjo o hlokahetse ho latela ho kula ha a ne a le thomong ya ho tseka sebaka se pota-potileng Hohobeng ho morena wa mohanyetsi wa Batlokwa – Lebaka. O ile a tshwarwa ke lefu, a shoa, mme setopo sa hae sa kgutlisetswa Nkwe ho ya patwa. Mmanthatisi o ile a tswela pele ka dikamano le Basia, a buisana le baeletsi ba Basia mme a romela mora wa hae hore a ilo hodisetswa ha kgaitsedi ya hae, Basia. Ka nako ya lefu la Mokotjo, Sekonyela o ne a le dilemo di robong feela, mme ho ne ho tla feta dilemo tse ling tse leshome pele a ka busa. Ho ne hi le fela jwalo le ka mmae. Mokotjo Ntlo-Kgolo ya neng a nyetse Montoedi. Eitse ha Montoedi a eshwa, Ntlo-Kgolo a nka borena ho fihlela Mokotjo a tsofala.
Sehalahala eo e leng moena Mokotjo o ile a hanyetsa boetapele ba Mmanthatisi a ikutlwa e le moditjhaba (kaha a tswetswe e le Mosia) mme setjhaba se ne se batla ho buswa ke Motlokwa ya “hlwekileng”. Ba bang ba ne ba sa rate ho tataiswa ke mosadi. Leha ho le jwalo, Mmanthatisi o ile a dula a tiile a bile a le hlooho e thata ha a etella Batlokwa pele. Eitse ha Sekonyela a se a lekane ho bolotsa, Mmanthatisi a mo romela ho batho ba habo Basia, a mo tlosa ka motsotso wa ho qetela moketeng wa BaTlokwa oo a neng a mo hanetse ho kena ho oona qalong. Sekonyela o ne a feleheditswe ke kgaitsedi ya Mmanthatisi, Letlala, ho netefatsa hore o bolokehile. Pele ho lefu la hae, Mokotjo o ne a ile a lemosa Mmanthatisi hore a hlokomele bara ba baholo ba mosadi wa bobedi wa ntatae - Moepi le Sehalahala - ba neng ba sokela bophelo ba hae ha e sa le ngwana. Mokotjo o ne a dumela hore e ne e le tshokelo e khglo bophelong ba mojalefa wa hae.
Batlokwa ba ne ba etsa lenyalo la morabe, mme ka mora hore Manthatisi e be mohlolohadi o ile a nyalwa hape ke moholwane wa hae, Sehalahala, eo a ileng a ba le mora e mong le yena. Ka lebaka la ho phahama ha Mmuso wa Mazulu en:Zulu people wa sesole, Mmanthatisi o ile a etsa qeto ya ho fallisetsa morabe wa habo bophirimela. Ka 1817, bahlabani ba hae ba ile ba etella pele tlhaselo ya maen:Ndwandwe, ba hapa dikgomo tsa bona tse ngata. Tlholo ena le tse ding di ile tsa lebisa selekaneng le setjhaba sa en:Hlubi people, le tlhaselo sebakeng sa Moshoeshoe Moshoeshoe I (eo hamorao e neng e tla ba morena wa pele wa sehlooho wa lefatshe la Basotho Basutoland). Ho hakanngwa hore Mmanthatisi o ne a etelletse pele dipakeng tsa 35 000 le 40 000 ha sehlopha se atolositsweng sa Batlokwa se ne se le seholo ka ho fetisisa. en:Tlôkwa people
Litlholo
[fetola | fetola mohloli]
Ka 1822, nakong ya Dintwa tsa Mfecane/Difaqane en:Mfecane, AmaHlubi en:Hlubi people(e etelletswe pele ke Mpangazitha) le AmaNgwane en:Ngwane V (e etelletsweng pele ke Matiwane) ba ile ba hlasela Mmanthatisi le lehae la hae. Hothwe ba ne ba hlasela Mmanthatisi le balatedi ba hae mesong ho ba fihlela ba ntse ba robetse. Le hoja ba ne ba sa itokisetsa, bahlabani ba hae ba sebete ba ile ba lwana le Mpangazitha le mabotho a hae. Leha ho le jwalo sena e bile hlolo e tshabehang ho Mmanthatisi ya ileng a kgona ho balehela ha kgaitsedi ya hae Letlala le batho ba bang ba habo. Ka bosiu bo le bong, lefatshe la Batlokwa le ne le fetohile ruri. Ba ne ba lahlehetswe ke mahae a bona, boholo ba dikgomo le thepa ya bona. Eseng hoo feela, empa ba bangata ba ne ba lahlehetswe ke ditho tsa malapa a bona ebang ke ka lefu kapa ba siilwe ke mehauhelo ya bahlasedi. Moholwane wa hae o ile a mo memela hore a dule empa a hana kaha ba bang ba balatedi ba hae ba ne ba rerile ho nka dikgomo tsa batho ba ba amohetseng. Kgosi. Nkgahle, wa Batlokwa ba Mokgalong, ya neng a dula haufi le moo, o ile a fana ka setshabelo le thuso, empa le hona a hana. O ne a tshaba ho lahlehelwa ke boipuso ba morabe wa habo, haholo kaha lekala la Mokgalong e ne e le mmuso o moholo ho Batlokwa ba Mokotleng wa habo. O ne a boetse a e-na le lebaka la ho dumela hore Nkgahle o ne a ameha bomenemeneng bo neng bo reretswe ho mo theola setulong, kahoo o ne a sa mo tshepe. O ne a boetse a tshwenyehile ka hore Mpangazitha a ka nna a latela ditsela tsa bona mme a tla ho di fedisa le ho hlasela batho ba tswalo ya hae. Empa Mmanthatisi o ile a kgetha ho etella balatedi ba hae pele ho leba bophirima le ho etsa seo setjhaba sa habo se neng se tsebahala ka sona, e leng ntwa.
Ditlhaselo tsa bona di ne di tuka ke bohale hoo Mmanthatisi le balatedi ba hae ba ileng ba tlameha ho lahla thepa yohle ya bona ba baleha. Ba ile ba kopana le batho ba neng ba dula dibakeng tse haufi le Noka e ka hodimo ya Vaal mme ba ba leleka naheng ya bona. Merabe e menyenyane e mmalwa e ile ya ikopanya le Mmanthatisi tlasa boetapele ba hae ho batla tshireletso. Morabe o ile wa hola, mme hang-hang wa qala ho baka moferefere merabeng ya Basotho ba neng ba dula haufi le noka ya Caledonen:Caledon River. Mmanthatisi o ile a ba le matla hoo a ileng a sebedisa lebitso la hae le bahlaseduwa ho hlalosa bahlasedi ba bona.en:Basuto War E le hore morabe wa habo o hole, o ile a qobella dira tse hapuweng hore e be karolo ya letswele la hae. Batho ba bangata ba ile ba bolawa mme meloko e ka bang 28 ya timetswa.
Botumo
[fetola | fetola mohloli]Nakong ya puso ya hae, Mmanthatisi o ne a busa batho ba fetang 40 000, a etsa mosebetsi wa morena, a buisana le baholo bakeng sa boeletsi, a ntshetsa pele matla a hae a sesole le dipolotiki le ho ahlola dikgohlano. Ha nako e ntse e ya, bafo ba hae ba ile ba qala ho ipitsa Bo Manthatisi, ho latela tlhompho ya hae e tlwaelehileng e fuwang marena a matla.en:Heroine-class submarine Ho ile ha etswa menyenyetsi ya hore o na le leihlo le le leng phatleng le hore o fepa balatedi ba hae ka lebese la hae la letswele. Merabe e neng e tseba ka sena, e ile ya mo tshaba mme ha ya ka ya leka ho kopana le ho hanana le yona.O ne a tumme ka bohlale ba hae, ka nako e nngwe ha masole a hae a ne a le sieo, Mmanthatisi o ile a thibela tlhaselo ka ho bokella basadi bohle mme a ba etsa dihlopha ka pela diahelo. A bea banna ba neng ba setse diahelong ka pela bona. Banna bana ba ne ba betsa meseme le mehoma eo basadi ba neng ba ntse ba e jere. Ha e tadingwa hole, e ile ya fana ka ponahalo ya lebotho le matla la bahlabani, le ileng la emisa Mpangazitha – mora wa Morena wa AmaHlubi, Bhungane.en:Mpangazitha (Pakalita) Mpangazitha o ne a tshepile ho fumana kampo e se na tshireletso, leha ho le jwalo tshibollo ena e ntjha e ile ya etsa hore a emise mosebetsi oo le ho etsa leano le letjha. Puso ya hae ya tlholo ya sesole e ile ya atoloha ho ya fihla bohareng ba kajeno ba Botswana. Ha e fihla sehlohlolong sa matla a yona a sesole le a dipolotiki, lebotho la hae le ne le hakanngwa hore le na le bahlabani ba ka bang dikete tse mashome a mane. Esale a tloha Nkwe, Mmanthatisi o atlehile ho hlola bohanyetsi bohle dibakeng tseo a neng a kopana le tsona. Tlholo ya hae e ne e tla fella Ntweng ya Dithakongen:Dithakong, ka la 23 Phuptjane 1823, a hlotswe haholo haufi le en:Kuruman ya kajeno. Robert Moffat o bua ka sena bukeng ya hae ya ditaba. Peter Becker en:Peter Baker (British politician) o hlalosa tswelopele ho e ngwe ya mesebetsi ya hae ha a re:
"Ho sa le jwalo, Mmanthatisi o ne a ntse a atamela ka banna, basadi le bana ba dikete tse mashome a mane; e ne e le Pherekgong 1823, nako ya selemo dijalo di butswitse mme dijo di ne di atisa ho ba ngata. Empa Manthatisi o ne a tlameha ho phela ka mokgwa o baballang, hobane moferefere o ne o tlisitswe ke Difaqane en:Mfecane ka kakaretso le ho tlatlapa ha Mmatiwane le merabe yohle ya Mmanthatsi le ho tlatlapuwa ha Mmanthatsi. Ha e le hantle, Sehlabeng se Bohareng se ne se tletse batho ba lapileng le mekga e menyenyane ya dinokwane, ntle le metso, di-bulbs le monokotswai, ho ne ho e-na le dijo tse fokolang tse ka fumanwang naheng, ka sebele di ne di sa lekana ho fepa letshwele le leholo jwalo ka la Manthatisi."
Ntwa ya Dithakong 23 June 1823
[fetola | fetola mohloli]Ntwa ya en:Dithakong e ne e lwanwa pakwng tsa makgotla a Manthatisi le en:Batlhaping tribe ka thuso ya maGriqua. en:Griqua people Ntwa e nkileng dihora tse ka bang supa, e ngotswe ke Robert Moffat ka la 23 Phuptjane 1823 moo Bathlaping ba ileng ba iphumana ba tshoswa ke dikete-kete tsa Batlokwa/Basotho ba Mmanthatisi - BaPhuting le BaHlakwana. Merabe e ile ya lwana bakeng sa phepelo e ne ntse e fokotseha ya dikgomo le poone. Ba ne ba hlometse, ba lapile mme ba ikemiseditse ho futuhela dikgomo tsa Bathlaping. Mollo ona o ne o leba bophirima - ka tsela ya Kuruman. Moruti Moffat o ile a potlakela ho tloha Kuruman ho ya Griquatown ho ya kgodisa MaGriqua ho thusa BaThlaping. Moruti Waterboer wa Griquatown, a thuswa ke baetapele ba bang ba maGriqua (Barend Barends hotswa Danielskuil en:Daniëlskuil le Adam Kok II hotswa Campbell) ba ile ba leba leboya le banna ba ka bang 200. Ba ne ba feleheditswe ke bahlabani ba BaTlhaping.en:Batlhaping tribe Bapalami ba dipere ba Griqua ba ka bang 200 ba etelletsweng pele ke Barend Barends, ba hlometseng ka dithunya, ba ile ba tobana le matshwele a Basotho ba hlometseng ka marumo le dithebe tsa letlalo la kgomo. Mekgatlo ya BaTlhaping e ile ya tshwarwa ha Griqua e qala tlhaselo ya bona.
Basotho ba ile ba hlahelolwa ke dikotsi tse tshabehang ba ile ba tlameha ho baleha, e le tahlehelo ya pele ho Mmanthatisi ka mora ho timetsa merabe e ka bang 29 ho tloha ha ba tloha Harrismith en:Harrismith qalong ya Difaqane. Leha ho le jwalo, marena a Batswanaen:Tswana people a atlehileng haholo, Makaba a Bangwaketsi, a etsa qeto ya ho lwantsha Manthatisi ka hlooho. Peter Becker o ile a ngola:
"Ho sa le jwalo, Morena wa kgale o ne a nkile qeto ya hore a se ke a inehela ho Mmanthatisi ntle le ntwa, a bitsa mohlabani e mong le e mong ya neng a le teng, a thiba pase e nngwe le e nngwe e isang motse-moholo wa hae, mme ka bolotsana boo a neng a tumme ka bona, a loha maraba ao a neng a rerile ho etella pele bahanyetsi ba hae. Ho ile ha qhoma ntwa mme bahlasedi ba makgolo ba ile ba bolawa ka sehloho. Yaba Mmanthatisi o etsa qeto ya ho kgelosa sesole sa hae mme a ikgula le matshwele a hae a leba botjhabela. Sena se ile sa etsa hore Makaba e be morena wa pele wa Batswana ho leleka lebotho le tshosang la Mmanthatisi." O ile a emiswa ho kena Kholoni ya Kapa ke Mabotho a Brithani haufi le Aliwal North. Leetong la hae la ho kgutlela Freistata ya kajeno, Mmanthatisi o ile a qobella Bataung le Bafokeng ho tshela Noka ya Lekwa (Vaal). Ka nako ena, o ne a batla sebaka sa phomolo kaha setjhaba sa habo se ne se kgathetse ke ntwa. Ba atamela Butha-Butheen:Butha-Buthe District, moo e neng e le Moshoeshoeen:Moshoeshoe I le setjhaba sa habo, ba ba qobella ho tloha. Ke ha Moshoeshoe a balehela Thaba-Bosiuen:Thaba Bosiu, a baleha Mmanthatisi. Le hoja a ne a hlaloswa e le mosadi ya kgopo ke makgowa ba mehleng ena, Mmanthatisi e ne e le moetapele ya matla, ya nang le bokgoni le ua tummeng; ka bobedi ntweng le kgotsong. Ho fapana le marena a mang a ileng a ba mahlatsipa a dintwa tsa Difaqane, o atlehile ho boloka batho ba habo mmoho hara ditlhaselo tse kgafetsang tsa dihlopha tsa maNguni ka borwa. Ka 1824 ha Mmanthatisi a bona hore Sekonyela o se a hodile, o ile a tlohela setulo, mme Sekonyela a nka bobusi a le mong ho setjhaba sa Batlokwa le sesole sa teng.
Ho Tlohela le ho Theoha Setulong
[fetola | fetola mohloli]Yaba ha Botlokwa ba aha mabapa le mateano a noka ya Senqu le Mahlakeng. Mmanthatisi o ile a aha qhobosheaneng ya thaba ya Marabeng, ha mora wa hae le Mojalefa bona ba dula qhobosheaneng e nngwe e haufi le Jwala-Boholo. Jwala-Boholo( Majestic Mountain) e fumanehang Botjhabela ba en:Ficksburg ho Freistata e ile ya qala ho hapiwa ke lekala la morabe wa Bakoena, le neng le tsebahala ka Marabe. Morabe ona wa Bakoena/Bakwena hamorao ba ile ba lwana le Batlokwa tlasa taolo ya Mmanthatisi. Qhobosheane ena ya tlhaho e ile ya sebeletsa e le motse-moholo wa yona ka dilemo tse ngata. Ke hona mona moo ho neng ho rerilwe tlholo e ngata.
Morena Mmanthatisi o ile a bolokwa ho Jwala-Boholo ka 1847. E ne e le e mong wa baetapele ba basadi ba sesole le ba dipolotiki ba neng ba tsejwa, le ba neng ba tshabeha ka ho fetisisa qalong ya lekgolo la bo19 la dilemo.