Mmino wa Sesotho

E tswa ho Wikipedia

Jwale ka dichaba tse ding, Basotho ba ena le mefuta-futa ya dikarolwana tsa bophelo tseo ba ikgethang ka tsona ho itshupa hareng ha chaba tse ding.

Sechaba sa Basotho se ema ka moetlo wa sona, setso le borapedi. Mmino, ditlwaelo le moaparo hareng ha tse ding tsa boitshupo.

Kgetlong lena re qolla mmino wa sesotho.

Mmino ke tsela ya tlholeho dichabeng ka ho fapana ha tsona, ho ntsha maikutlo le ho fetisa molaetsa. Ekaba kananelo, boithabiso, ho rorisa kapa poko esita le kutlo-bohloko jwalo-jwalo.

Hareng ha mefuta e tummeng ya mmino wa sesotho, re tla qotsa feela e latela. Tse ding di tla hlahiswa phatlalatsong e latelang.

Mmino wa famo[fetola | fetola mohloli]

Ona ke mofuta o wa mmino o tummeng ka ho fetisisa sesothong ebile e le wa boithabiso. Oona ha o kgethe semelo sa motho, dilemo kapa seemo esita le dinako. O binwa ka 'ketsaholo efe kapa efe, ke batho bohle ka nako tsohle. Mmino ona o binwa ka koriana. Dibini tse itlhomeng ka pele ba o binang ba akga ka hare Apollo Ntabanyane, Puseletso Seema, Mahosana a ka Phamong, Lampi le Lehlohonolo, Dikgalala tsa Orange Farm le ba bang. Mofuta ona wa mmino ha o binwe ka diaparo tse ikgethang tse tlamang motho, e ka kgona oo bine o le mong, le le babedi kapa ka sehlopha.Ona Mmino keo Monate o entsweng ke Kelvin Jay Scott

Mangae[fetola | fetola mohloli]

Mmino ona o binwa ke makolwane ha bale lebollong. Oona o akga ka hare ho ipoka le ho ikopanya le badimo

Kodiyamalla[fetola | fetola mohloli]

Mofuta ona wa pina o supa kutlwelo-bohloko ha holo ka nako ya lefu

Lekodilo[fetola | fetola mohloli]

Mofuta wa mmino o kang pina ya lenyalo kapa moqoqopelo. Oona o na le morethethonyana oo ekang ke wa ditswanya

Dipapadi tse dingwe[fetola | fetola mohloli]