Jump to content

Mokete Shadrack Chakela

E tswa ho Wikipedia
Mokete Shadrack Chakela
Mosebetsi: Sebini
Okupeso: {{{Okupeso}}}
Naha: Lesotho
Letsatsi la tswalo: Mafeteng
Sebaka sa tswalo: 1963
Letsatsi laho hlokahala:
Sebakeng saho hlokahalla:


Mokete Shadrack Chakela, ya tsebahalang ka lebitso la Mosotho kapa Chakela, ke sebini sa Mmino wa setso wa famo,mmino wa koriana. Chakela o hlahile ka selemo sa 1963 a hlahela Mafeteng,Lesotho.

Chakela o tsebahala haholo ka dipina tsa hae moo a binang le Molotsana.[1][2]

Mosotho Chakela o ile a tsebahala ka album ya hae ya pele e bitswang Motsamai le Chakela no.1. Album ena e ile ya lokollwa ka 1999 ke Shear Record Company, mme e ile ya rekisa dikopi tse lekaneng ho fihlela boemo ba platinamo.  Album ena e na le dipina tse kang "O ka nketsang", "Ha ke nwa jwala" le "Mosadi". O ile a boela a hlahella selemong se latelang ka album e nngwe e tummeng e bitswang Motsamai le Chakela no.2.

Ka selemko sa 2006 Chakela o ile a Kgau ya Mmino ya Setso ya Afrika Borwa bakeng sa sebini se setle ka ho fetisisa sehlopheng sa mmino sa Famo.[3][4]

Ka selemo sa 2003 Chakela o ile a etsa pina le Doc Shebeleza e bitswang "Ha ke Tahelwe Ha Motho"

Ntle le talenta ya hae ya ho bina, Chakela ke mohwebi wa Lesotho. O na le mabenkele a 13 a jwala, a supileng a tsona a leng motse-moholo wa Lesotho, Maseru. Tse tharo tsa tsona di Leribe ha tse tharo tse setseng di le toropong ya bobedi e kgolo ka ho fetisisa moo a hlahetseng teng, Mafeteng.  [citation needed]

Dipolotiki

[fetola | fetola mohloli]

Chakela o sebedisitse botumo ba hae e le mmino ho hlahisa maikutlo a dipolotiki. Ka album ya hae ya bobedi, o bua ka baetapele ba dipolotiki ba Lesotho e leng se ileng sa mo etsa motho ya bulang mahlo ho ditjhaba tse ngata tsa Basotho.  Dipolotiking tsa Lesotho o hokahane le Tumellano ya All Basotho.

  1. https://web.archive.org/web/20110720032356/http://www.trc.org.ls/events/Lesotho%20events/LCD%20Candidate.pdf
  2. https://maserumetro.com/news/lifestyle/the-late-chakela-is-remembered/
  3. https://books.google.com/books?id=x-KW9f02oNMC
  4. http://www.nhc.org.za/?linkID=49&cid=72