Jump to content

Moshoeshoe wa Bobedi wa Lesotho

E tswa ho Wikipedia
Morena Moshoeshoe wa Bobedi.

Morena Moshoeshoe wa Bobedi (2 Motsheanong 1938 - 15 Pherekgong 1996), eo pele ya neng a tsejwa e le Constantine Bereng Seeiso, e ne e le Morena ya ka Sehloohong wa Basutoland, ya ileng a nka sebaka sa Morena ya ka Sehloohong Seeiso ho tloha ka selemo sa 1960 ho fihlella naha e fumana boipuso bo felletseng ka mora hore e buswe ke naha ya Borithane ka selemo sa 1966. O ne e le Morena wa naha ya Lesotho ho tloha ka selemo sa 1966 ho fihlella a ya ditlamong ka selemo sa 1990, le ho tloha ka selemo sa 1995 ho fihlella a hlokahala ka selemo sa 1996.[1]

Bophelo ba bonyaneng

[fetola | fetola mohloli]

Moshoeshoe o hlahile e le Constantine Bereng Seeiso mme e ne e le setloholo tsa morena wa setjhhaba, Moshoeshoe, ke ka moo a fumaneng lebitso la hae la borena teng. [2] Seeiso e monyane o ile a fumana thuto ya hae Kholejeng ya Roma e Lesotho, yaba (ho bonahala a baleha menyenyetsi ya hore monna wa mmae o ne a rerile ho mo jesa tjhefu) o romelwa naheng ya England, Kholejeng e bitswang Ampleforth mme hamorao a iswa Kholejeng e bitswang Corpus Christi e toropong e bitswang Oxford.[3][4] Ha a ntse a le moo, o ile a phela jwalo ka monna wa naha ya England, a tsoma, a kwetlisa ho thunya hape a tshwasa ditlhapi.[5] [4]

Morena Moshoeshoe ka selemo sa 1988.

Matla a Moshoeshoe a dipolotiki a ne a dula a lekanyelitswe mme puso ya hae e ile ya thijwa ka makgetlo a mabedi. Mathwasong a puso ya hae, Morena Leabua Jonathan o ile ya eba Tonakgolo ya Lesotho mme a fumana taolo ya mmuso. Jonathan o ile a emisa borena ba Moshoeshoe ka selemo sa 1970 ho tsosollosa taolo ya hae naheng ka mora hore mokga wa hae o hlolwe dikgethong. Moshoeshoe o ile a ya ditlamong tsa nakwana naheng ya Netherlands[6]. Dikgwedi tse seng kae hamorao, ha a se a ena le taolo, Jonathan o ile a dumella Moshoeshoe hore e be Morena hape. Jonathan ka boyena o ile a tloswa ka selemo sa 1986 mme Morena a fumana matla a itseng empa o ile a tloswa ka selemo sa 1990, ha mora wa hae Letsie wa Boraro a qobellwa ho nka sebaka sa hae sa Borena. Moshoeshoe o ile a ya ditlamong naheng ya United Kingdom empa a kgutlisetswa teroneng ka selemo sa 1995. Ka selemo sa 1996, o ile a bolawa ke kotsi ya koloi mme Letsie a boela ho ba morena ka mora kgwedi.[7]

Nakong ya merusu ya dipolotiki ya selemo sa 1970 le sa 1990 ebile e le kgwedi ka mora lefu la hae ka selemo sa 1996, mosadi wa hae le 'Mamohato, mme wa Letsie, ba ile ba behwa e le bona ba busang nakwana.

Kgutsufatso ya puso
  • 1960-1966: Morena ya ka Sehloohong wa Basutoland, Constantine Bereng Seeiso.[4]
  • 1966: ya eba Morena Moshoeshoe wa Bobedi wa Lesotho.[4]
  • 1970: a lelekwa naheng Lesotho.[4]
  • Hlakola 1990: a amohwa matla a molaotheo.[4]
  • Pudungwana 1990: o ile a tloswa, mora wa hae Letsie wa Boraro ya eba morena.[4]
  • 1990-1992: o ne a le ditlamong naheng ya UK.[4]
  • Pherekhong 1995: o ile a kgutlisetswa ho ba Morena.[4]
  • Pherekhong 1996: a hlokahala, Letsie wa Boraro ya eba Morena.[4]

Morena Moshoeshoe wa Bobedi o ile a hlokahala a le dilemo tse 57 kotsing ya koloi, ha koloi ya hae e qhelela tseleng e dithabeng hoseng ha 06 Pherekgong ka selemo sa 1996[8]. Kotsi eo e ile ya boela ya bolaya mokganni wa koloi. [9] Ho ya ka polelo ya mmuso, Moshoeshoe o ne a nkile leeto ka hora ya pele hoseng ho ya etela dikgomo tsa hae motseng o bitswang Matsieng mme o ne a kgutlela Maseru a nkile tsela ya Dithaba tsa Maloti ha koloi ya hae e tla tswa tseleng.[9] 

Moshoeshoe o ile a nyala Kgosatsana e bitswang Tabitha 'Masentle Lerotholi Mojela (eo hamorao a ileng a tsejwang e le Mofumahadi 'Mamohato wa Lesotho)[10] ka selemo sa 1962, mme ba eba le bara ba babedi le moradi ya le mong:[4]

  • Kgosana David Mohato Bereng Seeiso, hamorao ya eba Morena Letsie wa Boraro wa Lesotho (ya tswetsweng ka la 17 Phupu ka selemo sa 1963).[11]
  • Kgosana Seeiso Bereng Seeiso wa Lesotho (ya tswetsweng ka la 16 Mmesa ka selemo sa 1966).[12]
  • Kgosatsana Constance Christina 'Maseeiso (ya tswetsweng ka la 24 Tshitwe ka selemo sa 1969, a hlokahala ka la 7 Lwetse ka selemo sa 1994).[13]
  1. https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/
  2. Nduta Waweru.
  3. https://www.sahistory.org.za/people/motlotlehi-his-majesty-king-constantine-bereng-seeiso-moshoeshoe-ii-lesotho
  4. 4.00 4.01 4.02 4.03 4.04 4.05 4.06 4.07 4.08 4.09 4.10 Obituary: King Moshoeshoe II of Lesotho by Benjamin Pogrund in The Independent, 16 January 1996 (accessed 3 November 2007)
  5. https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/
  6. https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/
  7. https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/
  8. https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/
  9. 9.0 9.1 King of Tiny Land Circled by South Africa Dies in Car Plunge, by Donald G. McNeil Jr. in The New York Times, 16 January 1996 (accessed 3 November 2007)
  10. https://www.blackpast.org/global-african-history/people-global-african-history/king-moshoeshoe-ii-1938-1996/
  11. https://www.sahistory.org.za/people/motlotlehi-his-majesty-king-constantine-bereng-seeiso-moshoeshoe-ii-lesotho
  12. https://www.sahistory.org.za/people/motlotlehi-his-majesty-king-constantine-bereng-seeiso-moshoeshoe-ii-lesotho
  13. https://www.sahistory.org.za/people/motlotlehi-his-majesty-king-constantine-bereng-seeiso-moshoeshoe-ii-lesotho