Phuthaditjhaba
Phuthaditjhaba (eo pele e neng e le Witsieshoek), ke toropo profenseng ya Foreistata Afrika Borwa. E sebakeng sa karolo ya dithaba tsa Drakensberg (Maloti ka Sesotho). E na le moedi le profense ya KwaZulu-Natal ka borwa-botjhabela le naha e ikemetseng ya Lesotho ka borwa - bophirima. Toropo ena e ne e le motse-moholo wa bantustan, kapa naha ya habo QwaQwa. Ha kgethollo ya merabe e meng e fediswa, toropo eo e ile ya eba karolo ya profense ya Foreistata.[1]
Tse fitileng
[fetola | fetola mohloli]Lehlwa le neng le atisa ho ba teng ditlhorong tsa dithaba tsa Drakensberg tse pota-potileng motse oo, lehlwa leo le ile la etsa hore Ma-San a bitse sebaka seo QwaQwa (e tshweu ho feta e tshweu). Ma Aforikannere ba ile ba reha toropo eo lebitso la Witsieshoek ho hlompha Wetsi (eo hape a neng a ngotswe Witsie), hlooho ya Makholokoe ya neng a dula moo ho tloha ka 1839 ho isa ka 1856. [2] Lebitso Phuthaditjhaba ke lebitso la Sesotho le bolelang sebaka sa ho kopana ha merabe. E fumaneha mabopong a noka ya Elands.[3]
Ka histori sebaka sena se ne se dula ke merabe ya Bantu ya batho Borwa, e leng Makholokoe, Bataung, Bakoena le Batlokoa.Mmuso wa Orange Free State o ile wa dula moo ka bo-1870 ka mora hore o fihlelwe tumellano ya kgotso le baeta-pele ba wona. Ka 1926 mmuso wa Orange Free State o ile wa beha Batlokoa tlasa bolaodi ba Bakoena empa o ile wa fa sehlopha ka seng bolaodi ba sona ba tikoloho ka 1930. Ka 1969 di ile tsa kopanngwa hore e be puso e le nngwe
Ka 1eng seo74eoe ile yya e-ba motse-moholo wa bantustan (kapa "ntlo") ya QwaQwa. Ha tsamaiso ya kgethollo ya merabe e meng e fedisa Afrika Borwa ka 1994, e ile ya eba karolo ya profense ya Free State.
Toropo ena ke tsela ya ho kena QwaQwa ya mahaeng. Ho fana ka ditshebeletso sebakeng seo ho thata, naha ke dithaba mme matlo a dibakeng tse ka thoko ha a fumane ditshebeletso tsa motheo. Ke sebaka se futsanehileng ka ho fetisisa Profenseng ya Free State. Sepetlele sa Mofumahadi Manapo Mopeli Regional se teng mona.

Dipapadi
[fetola | fetola mohloli]Toropo ena ke sebaka sa tswalo sa sehlopha sa bolo se ileng sa bapala ho Premier Soccer League sa Free State Stars. Le hoja sehlopha sena se ile sa fallela Bohlokong Bethlehem, se nentse se bapala dipapadi tsa sona tsa bohlokwa setsing se seholo sa Charles Mopeli. Toropo e na le dihlopha tse ding tse pedi tsa bolo ya maoto tsa ditsebi, e leng Maluti FET College FC le African Warriors FC tse sebedisang lebala la Charles Mopedi e le setsi sa bona sa bodulo. Dihlopha ka bobedi di nka karolo ho (National First Division) eleng ba bapalang boemong bo fatshe pele baya ho tse hodimo, mme Maluti FET College FC e qala ho bapala sehlopheng sena.
Sheba le tse latelang
[fetola | fetola mohloli]Tse pakang
[fetola | fetola mohloli]- ↑ http://census2011.adrianfrith.com/place/472008
- ↑ https://archive.org/details/DictionaryOfSouthernAfricanPlaceNames
- ↑ "Archive copy". Archived from the original on 2012-04-19. Retrieved 2024-11-04.