Jump to content

Selemo sa Basotho

E tswa ho Wikipedia
Folakga ya naha ya Lesotho.

Selemo sa Basotho se ketekwa ka mora matsatsi a ho qetela a Mariha, sena ke ho fana ka tsela ya ho qala bophelo bo botjha ka mora nako e ommeng ya Mariha. Selemo sa Basotho se qala ka kgwedi ya Phato ka ha kgwedi ena e le e nang le moya o mongata mme moya ona o nkwa o hlwekisa naha ebe pula e tlang ka sehla sa Selemo e hlasimolla lefatshe.[1] Basotho ha ba qale selemo ka tsela e tlwaelehileng ya hore selemo se qala ka kgwedi ya Pherekgong ho isa ho ya Tshitwe empa ho ena le hoo, ba itshetleha ka boemo ba kwedi, pontsho ya tlhaho ya ho potoloha ha nako ya selemo - ha kgwedi e toloka.

Selemo sa Basotho se na le dikgwedi tse leshome le metso e mmedi. Dikgwedi tsena di arotswe ka dihla tse nne mme sehla ka seng se boptjwa ka dikgwedi tse tharo. Mabitso a dikgwedi tsa Basotho a hlalosa diketsahalo tsa tlhaho, tikoloho, mekgwa, meetlo le mesebetsi ya Basotho.[2]

Dihla tsa selemo sa Basotho

[fetola | fetola mohloli]

Dihla tsa selemo di arotswe ka mokgwa ona:

Phetholo ya mobu bakeng sa ho lema.

Phato/Lwetse/Mphalane

Sehla sa pele sa Basotho ke Selemo. Ke sehleng sena moo ho qalwang ho phetholwa mobu sebakeng sa ho lema. Hape ha selemo se qala le dingaka tsa setso di ntjhafatsa ditlhaka tse kentsweng ho tiisa metse ya batho, di etsa dithakgisa ka meriana e qetang ho hlomela botjha. Mekete ya bohlokwa e ketekwang sehleng sena e kenyelleditse mekete ya 'Lewa le Matlhatlo'. Mokete wa Lewa ke wa ho leboha badimo sebakeng sa bophelo ka mora tse ntle kapa tse bohloko tseo motho a fetileng ho tsona. Mokete wa Matlhatlo ke mokete wa kamora kotulo, ho lebohela tjhai. Mokete o mong o bitswa 'Mokete wa ho ntsha mehoma'.[3][4]

Lehlabula

[fetola | fetola mohloli]
Nako ya pula.

Pudungwana/Tshitwe/Pherekgong

Sehla sa bobedi ke Lehlabula. Ke sehleng sena moo ho hlaolwang masimo le ho behela masea puleng hore a se tshabe pula. Nakong ya Lehlabula ho na le mefuta ya dinaledi e iponahatsang, jwalo ka Tosa le Sefalabohoho.[5]

Ditholwana nakong ya kgora.

Hlakola/Hlakubele/Mmesa

Lehwetla ke sehla sa boraro. Ke sehla sa kgora le nala, ho jewa ditholwana le meroho. Ka sehla sena Basotho ba etsa mosebetsi wa ho leboha Badimo. Ka matjeke letsatsing la mokete, ba leloko ba ya mabitleng ho ya etsa thapelo kapa ho bua le Badimo ba bona.[6]

Katiba ya Basotho (Modihanyewe).

Motsheanong/Phuptjane/Phupu

Sehla sa ho qetela sa selemo sa Basotho ke Mariha. Nako ya Mariha ke nako e ntle sebakeng sa ho bolotsa ka ha tjhai jwale ya bonahala. Ka nako ya Mariha mosebetsi o moholo ke wa ho loha mme re ka qolla mefuta ya jwang e kang Qokwa, Loli, Moseme le Molula bakeng sa ho loha. Moetlo o moholo o etswang nakong ya Mariha ke moo balekane ba ileng ba hlokahallwa ba rolang thapo kapa ho suwa dikobo tsa bafu ba hlokahetseng ngwahola.[7]

  1. https://renoka.org/stories/selemo-sa-basotho-reflecting-from-the-foreberears/
  2. https://informativenews.co.ls/2023/08/09/selemo-sa-basotho-main-celebrations/
  3. https://informativenews.co.ls/2023/08/09/selemo-sa-basotho-main-celebrations/
  4. https://zulumathabo.com/2022/08/09/periodicity-of-the-moon-and-womb/
  5. https://zulumathabo.com/2022/08/09/periodicity-of-the-moon-and-womb/
  6. https://zulumathabo.com/2022/08/09/periodicity-of-the-moon-and-womb/
  7. https://zulumathabo.com/2022/08/09/periodicity-of-the-moon-and-womb/