Jump to content

Shebeshxt

E tswa ho Wikipedia
Shebeshxt o sethaleng

Lehlogonolo Katlego Chauke, ke sebini sa mmino wa se hlahang Aforika Borwa. O tsebahala ka lebitso la hae e leng ''Shebeshxt''. O hlahile le ho holela motseng wa Lebowakgomo, Limpopo.[1]

O ile a tsebahala pele ka pina ya hae e ikgethang "Ke Di Shxt Malume" kamora hore e be tlale marangrang sethaleng sa ho arolelana divideo tsa TikTok, mme a fumana maikutlo a matle ho tswa ho batho ba kang Focalistic.[2]

O entse tumellano le khamphani e tsebahalang ya Italy ya Lamborghini wines,[3] ke Lamborghani, nakwana kamora hore a hlahe ho Podcast le Chill le MacG[4] mme a etsa nalane ka ho ba moeti wa pele ya kileng a eba le babohi ba milione ka matsatsi a mabedi, mme a etsa rekoto ke hona. One a e soka a eba lehae la ho rekota, kapa hona ho hlahella thelebesheneng le hona seyalemoyeng.

Tsa Mmino

[fetola | fetola mohloli]
  • Topless Shxta's Journey Vol 1 (2022)
  • Topless Shxta's Journey, Vol 2 (2023)
  • My Music My Story (2024)

Dikgohlano

[fetola | fetola mohloli]

''Ditaba tsa molao''

Ka April 2023, Shebeshixt o ile a tshwarwa mme a ahlolelwa ho hlola tjhankaneng, ka la 9 Motshehanong 2023, a hlaha lekgotleng la 'Maseterata wa Lebowakgomo[5] ka melato e mmeli ya tlhaselo (ho ntsha sethunya ka mora hore a thunye ka dithunya tse nne moyeng ntlong ya lelapa motseng wa Ga-Mamaola), ho leka ho bolaya, le tshenyo e mpe ya thepa.[6] Beile ea morepa e ile ya hanelwa ka mora hore mmuelli wa Lekgotla la Naha la Bochochisi Limpopo a bue ka hore nyewe etjhetjhisetswe morao ho bokella dintlha tse ding,[8] Chauke o ile a dula ditlamong dikhgwedi tse nne ho fihlela a lokollwa ka Phato 2023. Ho lokollwa ha diqoso tsa dithunya ho ile ha hlakolwa ha morao ka Mphalane 2023.

Ka Tshitwe 2023, Shebeshxt o ile a tobana le nako ya tjhankaneng naheng enngwe, o ile a qoswa ka ho tlola konteraka ya tshebetso ka la 2 Tshitwe 2023 naheng ya boahelani ya Botswana.

  1. Limpopo Provincial Government – LPG
  2. https://www.snl24.com/dailysun/celebs/rapper-shebeshxts-transformation-after-his-daughters-tragic-death-touches-fans-20241008
  3. Wine by Lamborghini
  4. MacG - Wikipedia
  5. Lebowakgomo - Wikipedia
  6. https://sundayworld.co.za/celebrity-news/irate-shebeshxt-pulls-off-another-gun-firing-stunt-on-stage-at-a-pub/