Thabo Bester

E tswa ho Wikipedia

em me Template:Infobox criminal

Thabo Bester (ya hlahileng ka la 13 Phuptjane 1986) ke senokwane sa Afrika Borwa se fumanweng se le molato se ileng sa phonyoha Setsing sa Tlhabollo sa Mangaung Afrika Borwa ka mora ho iketsa eka o shwele ka lefu la mollo ka seleng ya hae ya chankane ka May 2022. O ne a kene pooneng mme a balehile ditlamong hoo e ka bang selemo pele a tshwarwa Arusha, Tanzania ka la 8 Mmesa 2023. O ile a tshwarwa ha mmoho le molekane wa hae le eo ho thweng ke ngaka ee tummeng ya bitswang Nandipha Magudumana . Bester o ne a se a tsejwa e le "Mabeta wa Facebook" hobane o ne a sebedjsa marangrang a facebook ho hohela dimotlelara tse batlang menyetla le mesebetsi, empa yena a tshepisa eo eseng ya nnete. O ile a qosa lipeto tse peli le polao e le ’ngoe ’me a ahloleloa bophelo bohle chankaneng.