Jump to content

Basetsana Khumalo

E tswa ho Wikipedia

Basetsana Julia "Bassie" Khumalo (née Makgalemele;[1] o tswetswe ka la 29 Hlakubele 1974) ke motho wa thelevishene wa Aforika Borwa, mohlokomedi wa tlhodisano ya botle, mosadi wa kgwebo le mofani wa diphallelo.[2] Mosebetsi wa hae o qadile ka 1990 ha a rweswa moqhaka wa Miss Soweto le Miss Black South Africa a le dilemo di 16. O ile a rweswa moqhaka wa mmabotle wa Aforika Borwa ka 1994 mme ka selemo sona seo o ile a tswa boemong ba bobedi ho Miss World.

Bophelo ba bonyaneng le thuto

[fetola | fetola mohloli]

Yena le bana ba bo ba bararo ba ile ba qala dilemo tsa bona tsa pele ba thusa ho boloka lelapa le phela,ba etsa di samentjhese tse rekiswang dipapading tsa bolo ya maoto mafelong a beke. O ile a kena sekolo se tlaase sa Thabisang se Orlando West. Ha Soweto e ne e aparetswe ke merusu ya baithuti ka 1986 o ile a romelwa sekolong se phahameng sa Trinity moo a ileng a phetha lengolo la hae la materiki. O ile a ingodisa Univesithing ya Venda ho ntshetsa dithuto tsa hae pele, mme a ikgetha ka thuto.[3]

Bophelo ba hae

[fetola | fetola mohloli]

Pele le nakong ya puso ya hae e le Mofumahadi wa Aforika Borwa, Khumalo o ile a utlwana le motho ya otlang ditebele Dingaan Thobela.[4]

O ile a kopana le monna wa hae Romeo Khumalo, mookamedi wa Vodacom le moqolotsi wa ditaba wa mehleng, ha a ne a rwetse kgau ya hae ya Miss Soweto. Ba ile ba qala ho utlwana ka 1997 mme ba nyalana ka 2000.[5] Ka 2004 Khumalo o ile a beleha ngwana wa bona wa pele, moshanyana ya bitswang Nkosinathi Gabriel. Mora wa hae wa bobedi, uShaka Kgositsile Emmanuel, o hlahile ka 2012.[6][7]

Khumalo le monna wa hae Romeo, ba thehile setsi sa lelapa se bitswang "Romeo & Basetsana Khumalo", se thusang bana, haholoholo ba nang le lefu la AIDS le mafu a mang a amanang le lefu lena. Ka 2009 setsi sena se ile sa fuwa moputso wa "Inyathelo Philanthropy Merit" . Khumalo o ile a ikopanya le sebapadi sa difilimi, Salma Hayek, molemong wa ho fedisa lefu la tetanus la masea le la bomme lefatsheng, e le mmuelli wa Letlole la Bana la Matjhaba a Kopaneng le letsholo la "Pamper" la ho pholosa masea a fetang dimilione tse 250 ka 2012.[8]

Mosebetsi

[fetola | fetola mohloli]

Ho etsa ditshwantsho

[fetola | fetola mohloli]

Nakong ya 1990 le 1991, Khumalo o ile a rweswa moqhaka wa Miss Soweto a le dilemo di 16. Khumalo o ile a tlohela sekolo a rerile ho latela mehato ya mme wa hae e le titjhere, empa ho ile ha nka nakwana pele a ingodisa Univesithi ya Venda ho ya ithuta thuto. Mme wa hae o ile a mo kenya tlhodisanong ya Miss South Africa eo Khumalo a ileng a e hlola.[9]

Ha a ntse a busa Miss South Africa, o ile a qala ho hlahisa lenaneo la thelevishene la lifestyle Top Billing. Khumalo o ile a theha tsebedisano 'mmoho le moetsi wa lenaneo, Patience Stevens. Tswelopele Productions e hlahile ha Khumalo a ena le karolo ya mashome a mahlano lekgolong. Khamphani ena e amohelwa ke Impumelelo e le e ngwe ya dikhamphani tse 300 tse hodimo tsa matlafatso Afrika Borwa. Letswao la khamphani ke lenaneo la TV la Top Billing, le hlahiswang bakeng sa SABC3. Ka 1999, Tswelopele e ile ya kopanngwa le Union Alliance Media mme ya thathamiswa ho JSE Securities Exchanged SA, e etsa hore Khumalo e be e mong wa batsamaisi ba basadi ba batsho ba banyenyane ka ho fetisisa ho ba karolo ya moelelo o ka sehloohong wa moruo wa Aforika Borwa. Dilemong tsa morao tjena, katleho ya Top Billing e tlisitse merero e mengata ho tjha ya Tswelopele, jwalo ka lenaneo la makasine ya Afrikaans Pasella ho SABC2 le lenaneo la batjha la Seskohona ho SABC1.[9]

Ka 2001, Basetsane o ile a ikopanya le Gauteng Travel Academy e le motsamaisi.[10]

Ka 2016, e ne e le moahlodi wa moeti tlhodisanong ya ho qetela ya botle ba Miss South Africa 2016, sebaka sa Carnival City's Big Top Arena, Gauteng, Afrika Borwa. E fetiswa ke marang-rang a thelevishene M-Net le Mzansi Magic.[11]

Tlhahiso ya thelevishene

[fetola | fetola mohloli]

Ke modulasetulo wa ka Sehloohong wa Tswelopele Productions mme o hlahisitse ka Connect TV le Tswelopele Products mananeo a fapaneng a thelevishene a kang Top Billing,[12]Pasella, Date My Family, Our Perfect Wedding, Diski Divas, Becoming, Pastor wants a wife, Expresso, Afternoon Express, Saving our Marriage, Please Step In le Utatakho.

Khumalo ke mopresidente wa mehleng wa Mokgatlo wa Basadi ba Kgwebo ya Aforika Borwa. Ka 2008, Khumalo e ile ya e ba mohwebi e motjha wa tawana ka ho etsa kgwebo le khamphani ya hae ya matsete ya Pro Direct 189. O boetse a dula dibokeng tsa "Unipalm Investment Holdings", Vhangana Energy Resources, Tactic Group Limited, SME Financial Holdings Limited, Morongwa Investment Holdings, Seven Falls, Q2 Petroleum le PHAB Holdings.

O boetse hape ele Sebui sa letsholo la "Pampers UNICEF Tetanus" mme ke karolo ya "UNICEF Influential Women Circle" , e entsweng ka sehlopha sa basadi ba kgwebo ba nang le tshusumetso e kgolo naheng, ba kopaneng ho bokella tjhelete ho thusa ho sireletsa bophelo ba bana ba kotsing ka ho fetisisa naheng. Hape ke modulasetulo wa Mokgatlo wa Basadi ba Kgwebo ya Afrika Borwa, Modulasetulo wa Mokgatlo wa Kuhluka le Motlatsi wa Modulasetulo wa Lekgotla la dikhamphani tsa Toka ya Setjhaba.

Ho thusa batho

[fetola | fetola mohloli]

Ka selemo sa 2007, mofumahadi wa pele wa mehleng Graça Machel, eo e neng ele mampudi wa "Each One Reach Five", o ile a kgetha Khumalo hore e be e mong wa baithaopi ba hae ba bahlano ba tla etsa tlhahlobo ya setjhaba ya kokwana-hloko ya HIV. O boetse o bokelletse tjhelete bakeng sa Sepetlele sa Bana sa Baragwanath le Dr. Precious Moloi-Motsepe. Khumalo o ile a boela a ithaopa le Agang Sechaba, morero o qadileng ka selemo sa 2007 ke Nomsa Ntshingila, o neng o reretswe ho kgutlisetsa ditoropong tseo ba hlahetseng ho tsona.

Mofuta wa Bassie

[fetola | fetola mohloli]

Ka selemo sa 2000, Khumalo o ile a qala letoto la diaparo tsa hae tlasa lebitso la Stature Ladies wear by Bassie, le a jwalo ka mabenkele a di-department a Ackerman dibakeng tse 240 ho phatlalatsa le Aforika Borwa ho Sahara.

Ka 2002, tlasa lebitso la Bassie, Khumalo o ile a tsebisa lenane la diborele, le ho phatlalatsa le Torga Optical. O ile a latela sena ka ho tsebisa Bassie Red cosmetics textrange mabenkeleng a 100 a Foschini naheng ka bophara, a latelwa ke Bassie Gold ka 2006.

Ho hatisa

[fetola | fetola mohloli]

Ka 2004, Khumalo o ile a kenya letsoho bukeng ya Basadi ba kgothatsang mosebetsing, e shebaneng le sefahleho se setjha sa boeta-pele naheng eo. Khumalo o hlahella ho "Recipes from the Heart" le batho ba tsebahalang ba 36 ba ratwang ka ho fetisisa naheng ya Aforika Borwa.

Ke mohlophisi-mongolo wa makasine ya Top Billing. Nakong ya puso ya hae, khumalo e ne e le mohlophisi wa botle ba makasine ya DRUM.

Ka selemo sa 2020, o ile a phatlalatsa buka ya hae Bassie: My Journey of Hope. Buka ena e rekisitswe dikhophi tse fetang 15 000 ho fihlela jwale.

Seya-le-moya

[fetola | fetola mohloli]

Khumalo o ile a ba le nako e telele seteisheneng sa Metro FM, ha a ne a tsamaisa lenaneo la Breakfast ho tloha ka la leshome Phato selemong sa 2006.

Ditshehetso

[fetola | fetola mohloli]

Ho pepesehela ha hae ho ile ha eketseha le ho feta ha a kgethwa hore e be sefahleho sa lenane la "Revlon Realistic Hair Care" bakeng sa Aforika e ka Borwa ho Sahara le mmaraka wa matjhaba. O ile a ba muelli wa Revlon ho feta dilemo tse hlano, Khumalo o ile a tshehetsa ka bokgutswanyane mokgwa wa "BriteSmile" ka ho hlaha websaeteng ya bona.

Ditlaleho tsa Bibele

[fetola | fetola mohloli]
  • Bassie: Leeto la ka la Tshepo ke Basetsana Khumalo (Penguin Books, 2020) Template:ISBN

Dikgau le ho ananelwa

[fetola | fetola mohloli]

Ka 1994, o ile a fumana thuto ya tlhompho ya dithuto tsa mose ho mawatle ho Nelson Mandela.

Ka 2002 le 2003, o ile a kgethwa ke Sunday Times le Elle Magazine ho TV Style Awards e le moeti wa makasine / boithabiso ba basadi ya setaele ka ho fetisisa.

Ka 2004, Khumalo o ile a kgethwa sebakeng sa bo74 lenaneng la MaAforika Borwa a maholo ka ho fetisisa a 100 ka selemo sa 2004, e le yena feela Miss Aforika Borwa lenaneng lena.

Ka 2006, Mokete wa Feshene wa Cape Town o ile wa fuwa Khumalo Moputso wa Fashion Icon. Makasine wa Femina o mo kgethile hore ebe e mong wa basadi ba 10(leshome) ba kgahlehang ka ho fetisisa Aforika Borwa.

Khumalo o boetse o amohetse Moputso wa Selemo le Selemo wa Tlaleho / City Press Prestige.

Ka selemo sa 2011, o ile a fuwa tlotla ya ho ba Moeta-pele e Motjha wa Lefatshe ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Moruo.

Ka 2019, o ile a fuwa setshwantsho se setle ka ho fetisisa ho South African Style Awards.

Ka Mphalane selemong sa 2021, o ile a fuwa Moputso wa Iconic ke Tastic Rice ka lebaka la ho ba mosadi ya nang le tshusumetso e kgolo sebakeng sa ditaba Cape Town.

  1. http://www.sahistory.org.za/people/basetsana-julia-aka-bassie-kumalo
  2. https://www.faz.net/aktuell/beruf-chance/mein-weg/basetsana-kumalo-mit-minen-und-mandela-1802206.html
  3. https://savannanews.com/street-vendor-to-millionaire-the-inspiring-story-of-basetsana-kumalo-2022-net-worth-revealed/
  4. "Archive copy". Archived from the original on 2014-04-07. Retrieved 2026-05-13.
  5. https://web.archive.org/web/20160303225210/http://m24arg02.naspers.com/argief/berigte/citypress/2000/12/10/1/2.html
  6. https://web.archive.org/web/20131024080751/http://www.citypress.co.za/lifestyle/basetsana-kumalo-welcomes-second-son-20120521-2/
  7. http://drum.co.za/celebs/a-baby-boy-for-the-khumalos/
  8. https://web.archive.org/web/20230216174103/https://www.funtimesmagazine.com/2021/01/23/343457/queen-of-soweto-basetsana-kumalo
  9. 1 2 https://www.glamour.co.za/lifestyle/glamour-guides/glamour-womens-month-series-basetsana-kumalo-47be9e78-de56-4f23-94e7-13cae28976f6
  10. https://en.wikipedia.org/wiki/Basetsana_Kumalo#cite_note-10
  11. https://www.sowetanlive.co.za/entertainment/2016-02-17-basetsana-kumalo-joins-miss-sa-2016-judging-panel/
  12. "Archive copy". Archived from the original on 2023-02-15. Retrieved 2026-05-13.