Jump to content

Bheki Cele

E tswa ho Wikipedia

Bhekokwakhe "Bheki" Hamilton Cele (o hlahile ka la 22 Mmesa 1952) e ne e le Letona la Sepolesa la Afrika Borwa ho tloha ka Hlakola 2018 ho fihlela ka la 17 Phuptjane 2024. E ne e le Mokhomishenara wa Naha wa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa ka dilemo tse pedi, ho fihlela hoba le diqoso ka tsa boitshwaro bo bobe di etsa hore a emiswe ha nyane mosebetsing ka Mphalane 2011 mme a tloswa setulong ka Phuptjane 2012. O sebeditse e le Motlatsa Letona la Temo, Meru le ditlhapi, Lekgotleng la Tsamaiso la KwaZulu-Natal le Lekgotleng le Ikemetseng la Naha la Province la KwaZulu Natal. Ke setho sa African National Congress">Komiti ya Naha ya Tsamaiso ya Morgan wa African National Congress, mme o ile a kena tjhankaneng ya Robben Island nakong ya Mmuso wa kgathello.

Bophelo le mosebetsi

[fetola | fetola mohloli]

Cele o hlahile ka la 22 Mmesa 1952 Umzumbe, Natal (ha jwale etsebahala ka KwaZulu-Natal). O na le lengolo la dipolomara tsa bo titjhere, mme ka 1980 e ile ya eba setho sa mothehi wa kopanelo ya thuto ya naha ya Afrika Borwa e sa kgetheng morabe. Ha a le palehong kapa ditlamong Angola bohareng ba 1980, o ile a ikopanya le Umkhonto we Sizwe, mme o ile a iswa tjhankaneng ya Sehlekehleke sa Robben Island ho tloha ka selemo sa 1987 ho fihlela a lokollwa, hammoho le batshwaruwa ba bang ba dipolotiki, ka 1990.

1994-2009: 'Mmusong wa KwaZulu-Natal

[fetola | fetola mohloli]

Dikhethong tsa 1994, Cele o ile a khethwa ho ba setho sa Lekgotla la Naha la Province la KwaZulu-Natal. Nakong ya hae Lekgotleng la molao, o sebeditse e le modulasetulo wa Komiti wa Portfolio ya Polokeho le Tshireletso mme hamorao e le mookqmedi wa ditulo. Ho tloha ka 2004, e ne e le setho sa Lekgotla la Tsamaiso (MEC) bakeng sa dipalangwa, Polokeho ya Sechaba le Kgokahano KwaZulu-Natal.

2009 - ho fihla jwale: Mmusong wa naha

[fetola | fetola mohloli]

Ka Phuptjane 2009, o ile a khethwa e le Mokhomishenara wa Naha wa 'Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS). O ile a lelekwa ka June 2012, ka mora diqoso tsa hore o ne a le seabo ditshebeletsong tse seng molaong tsa thepa. Kamora moo, o ile a ba Motlatsi wa Letona la Temo, Meru le ditlhapi ho tloha ka Motsheanong 2014 ho fihlela qetellong ya Hlakola 2018, ha Mopresidente Cyril Ramaphosa a mo khetha hore e be Letona la Sepolesa ka phetoho ya hae ya pele ya lekhlgotla la naha. Ho thongwa ha Cele ho bile le maikutlo afapa fapaneng . O ile a khethwa hape e le letona la seponesa ka morao dikgetho naha tsa 2019. Cele o ile a lahlehelwa ke setulo sa hae Sebokeng sa Naha dikgethong tsa kakaretso tsa 2024.

Ditho tsa ANC

[fetola | fetola mohloli]

Cele e ntse ele setho sa African National Congress (ANC), mme hajwale o sebetsa ele setho sa yona se etelletseng pele, Komiti ya Naha ya Tsamaiso. Ka nako e itseng bohareng ba bo-1990, e ne e le 'mmuelli wa polokeho bakeng sa lekala la mokga wa KwaZulu-Natal, mme ka bo-2000 o sebeditse e le modulasetulo wa mokga tikolohong ya eThekwini. Dilemong tsa bo-2000, Cele o ile a hlaloswa e le motswalle wa Jacob Zuma. Leha ho le jwalo, nakong ya dikgethetho tse pheisanwang ka matla tsa boetapele ba ANC tsa 2017, o ile a ikamahanya le Cyril Ramaphosa le kgahlanong le Nkosazana Dlamini-Zuma.

Manyofo-nyofo

[fetola | fetola mohloli]

Mantswe a reng "shoot to kill" ("thunya o bolaye") le tshebediso ya matla a bolayang

[fetola | fetola mohloli]

Ka Phupu 2007, Sowetan e tlalehile hore Cele, eo ka nako eo e neng e le MEC bakeng sa polokeho KwaZulu-Natal, o boleletse kopano e Durban hore mapolesa a lokela ho "shoot to kill" ho thunya ho bolaya ha a tobana le ditsotsi, hammoho le ho etsa ditlhaloso tse ding tse tshehetsang tshebediso ya matla a bolayang.

Controversies

[fetola | fetola mohloli]

Le ha hole jwalo Bheki Cele o ile a hana hore o sebeditse mantswe a reng "shoot to kill", o ile a dumela hore o entse ditlhaloso tse ding tse tshwanang, ho kenyeletswa, "Re ke ke ra dumela mapolesa hore a bolawe ke batlodi ba molao. Hang ha batlodi ba molao ba ntsha dithunya tsa bona, mapolesa a tlameha ho shebana le hlooho". Ka 2010, Cele o ile a qosa Sowetan ka lebaka la nyediso mme a batla R200 000 ya ditshenyehelo, motheong wa ditlaleho tse peli tsa 2007 tsa hae ka manyofo nyofo ao, ho kenyeletswa e phatlaladitsweng hammoho le setshwantsho se fetotsweng ka dijithale sa Cele a tsshwere sethunya. Nyewe e ile ya hlakola. Moqolotsi wa ditaba wa Sowetan o pakile hore o ne a le teng kopanong e Durban mme o utlwile Cele a bua mantswe ao; mme lekgotla le bontshitse hore koranta ele nngwe feela e rometseng moqolotsi wa ditaba kopanong, Citizen, le yena e tlalehile hore Cele o kopile mapolesa ho thunya ho bolaya.[1]

Ka Phato 2009,ka mora nakonyana hore a nke mosebetsi wa hae e le Mokhomishenara wa Setjhaba wa SAPS, Cele o ile a baka pherekano naheng ha a ne a pheta polelo tsa "shoot to kill" ho Weekend Argus. Ha a bua ka phetoho e rerilweng ho Karolo ya 49 ya Molao wa Tsamaiso ya Tlolo ya Molao, e hlalosang mabaka a ho sebedisa matla a polao ka nepo, ho tlalehwa hore Cele o itse mapolesa a na le khonahalo ya "thunyetsa ho bolaya" batlodi ba molao ntle le ho tshwenyeha ka "se tla etsahala kamora moo". Ha a bua le Los Angeles Times, Cele o ile a hana hore o itse maponesa a lokela ho thunya ho bolaya - ho fapana le moo, ntlha ena ya hae e ne e le hore ho ne ho le kotsi hore mapolesa e be a sa tsebe hore na a dumellwa ho sebedisa matla ka ho bolaya kgahlano le senokwane se hlometseng. Sebakeng se seng o ile a hlakisa hore maponesa ha a lokela ho thunya batho ba se nang molato, empa a lokela ho "itshereletsa ka ho ikemisetsa" kgahlanong le batlodi ba molao ba hlometseng le ba kotsi.

  1. Cite error: Invalid <ref> tag; no text was provided for refs named :9