Boloetse ba kokwanahloko ya Ebola

E tswa ho Wikipedia
Boloetse ba kokwanahloko ya Ebola
Tlhophiso le mehlaodi ya kantle
Setshwantsho sa 1976 sa baoki ba babedi ba emeng ka pela Mayinga N., motho ya nang le boloetse ba kokwanahloko ya Ebola; o ile a hlokahala matsatsi a mmalwa ka mora moo ka lebaka la phallo e mahlonoko ya madi ka hare.
Setshwantsho sa 1976 sa baoki ba babedi ba emeng ka pela Mayinga N., motho ya nang le boloetse ba kokwanahloko ya Ebola; o ile a hlokahala matsatsi a mmalwa ka mora moo ka lebaka la phallo e mahlonoko ya madi ka hare.
Setshwantsho sa 1976 sa baoki ba babedi ba emeng ka pela Mayinga N., motho ya nang le boloetse ba kokwanahloko ya Ebola; o ile a hlokahala matsatsi a mmalwa ka mora moo ka lebaka la phallo e mahlonoko ya madi ka hare.
ICD/CIM-10A98.4 A98.4
ICD/CIM-9065.8 065.8
DiseasesDB18043
MedlinePlus001339

Kokwanahloko ya boloetse ba Ebola (EVD) kapa Feberu ya phallo ya madi ya Ebola (EHF) ke boloetse ba batho bo bokwang ke kokwanahloko ya Ebola. Matshwao hantlentle a qala matsatsi a mabedi ho isa ho a mararo ka mora ho tshwaetswa ke kokwanahloko, feberu, mmetso o bohloko, mesifa e opang, le hlooho e opang. Hantlentle ho nyekelwa ke pelo, ho hlatsa, le letshollo di a latela ho tsamaisanang le phoketseho ya ho sebetsa ha sebete le diphio. Mothating ona, batho ba itseng ba qalella ho ba le matha a ho tswa madi .[1]

Sebaka kapa kgohlano

Kokwanahloko e fumanwa ka ho ama madi kapa ma lero la mmele a phoofolo e tshwaeditsweng (haholoholo ditshwene kapa bommankgane ba difateng).[1] Ho hasanngwa ke moya ha ho so ka ho ngolwa ka hona tikolohong e tlwaelehileng.[2] Ho kgolwa hore bommankgane ba difateng ba fetisa le ho hasanya kokwanahloko ntle le hore bona ba amehe ke yona. Hang ha tshwaetso bathong e ba teng, bohloko bo ka nama mahareng a batho jwalo. Banna ba phonyohileng boloetseng bona ba kgona ho bo fetistsa ka peo a bonna nakong e ka etsang dikgwedi tse pedi. Hantlentle, ele hore ho hlahlobiswe maloetse a mang a nang le matshwao a jwaloka malaria, kholera le dikokwanahloko tsa feberu ya phallo ya madi tse ding di qhelelwa ka thoko sethatong. Ho netefatsa tlhahlobo ya disampole tsa madi di entswe diteko tsa kokwanahloko dibolaya dikokwanahloko, dikokwanahloko RNA, kapa kokwanahloko ka boyona.[1]

Thibelo

Thibelo e kenyeleditse ho fokotsa ho hasanngwa ha boloetse ho tswa ditshweneng le dikolobeng tse tshwaeditsweng ho ya bathong. Hona ho ka etswa ka ho hlahloba tshwaetso diphoofolo tse jwalo ka ho di bolaya le ho lahla ditopo tsa tsona ka tsela e nepahetseng haeba ho fumanwa di na le boloetse. Ho pheha nama ka ho phethahala le ho apara diaporo tse sireletsang ha ho sebetswanwa le nama ho ka ba le thuso, kaha ho apara diaparo tse sireletssang le ho hlapa matsoho ha re le hara batho ba nang le boloetse. Disampole tsa maro le dikarolo tse tswang bathong ba nang le boloetse di tshwanala ho tshwarwa ka tlhokomelo e ikgethileng.[1]

Kalafo

Ha ho kalafo e ikgethang bakeng sa boloetse; mawala a ho thusa batho ba tshwaeditsweng a kenyeletsa ho fana ka kalafo ya ho ba nwesa metsi ka lehano (metsi a tswekerenyana le letswainyana bakeng sa hore ba nwe) kapa ho kenya maro ka methapo ya madi.[1] Boloetse bo na le sekgahla se hodimo: hangata bo boloya mahareng a 50% le 90% a ba nang le kokwanahloko.[1][3] EVD e ile ya hlokomelwa Sudan le Demoratic Republic of Congo. Boloetse bona hantlentle bo ropoha mabatoweng a diteropiki tsa Afrika e Borwa ho Sahara.[1] Ho tloha ka 1976 ( ha bo ne bo bonwa lekgetlo la pele) ho fihla ka 2013, batho ba ka tlasenyana ho 1,000 ka selemo ba bile le tshwaetso.[1][4] Ho ropoha ho hoholohadi ho fihlela jwale ho tswelang pele ke ho ropoha ha Ebola Afrika Bophirima ka 2014, ho amang Guinea, Sierra Leone, Liberia le ho kannang ha etsahala Nigeria.[5][6] Ho tloha ka Phato 2014 ditlaleho tse fetang 1600 di se di ile tsa etswa.[7] Mawala a ntse a tswelang pele a ho hlahisa ente; leha ho le jwalo, ha ho so be le a atlehang.[1]

Ditshupu

  1. 1.0 1.1 1.2 1.3 1.4 1.5 1.6 1.7 1.8 "Ebola virus disease Fact sheet N°103". World Health Organization. March 2014. Retrieved 12 April 2014. 
  2. "2014 Ebola Virus Disease (EVD) outbreak in West Africa". WHO. Apr 21 2014. Archived from the original on 29 July 2014. Retrieved 3 August 2014. 
  3. C.M. Fauquet (2005). Virus taxonomy classification and nomenclature of viruses; 8th report of the International Committee on Taxonomy of Viruses. Oxford: Elsevier/Academic Press. p. 648. ISBN 9780080575483. 
  4. "Ebola Viral Disease Outbreak — West Africa, 2014". CDC. June 27, 2014. Retrieved 26 June 2014. 
  5. "CDC urges all US residents to avoid nonessential travel to Liberia, Guinea, and Sierra Leone because of an unprecedented outbreak of Ebola.". CDC. July 31, 2014. Retrieved 2 August 2014. 
  6. "Outbreak of Ebola in Guinea, Liberia, and Sierra Leone". CDC. August 4, 2014. Retrieved 5 August 2014. 
  7. "Ebola virus disease update - West Africa". WHO. Aug 4, 2014. Archived from the original on 23 November 2014. Retrieved 6 August 2014. 
Bibiliokrafi

mahokela a kantle

Ebola