Jump to content

Botshabelo, Free State

E tswa ho Wikipedia

Botshabelo, e bolelang "sebaka sa setshabelo", ke toropo e kgolo e thehilweng ka 1979. E fumaneha ka botjhabela ho Bloemfontein profenseng ya Free State e Aforika Borwa. Botshabelo hona jwale ke toropo e kgolo ka ho fetisisa Free State[1].

Nelane[fetola | fetola mohloli]

Ha batho ba bangata ba tloha mapolasing a Free State, ba ile ba batla dibaka tsa ho dula tikolohong ya Thaba Nchu, sebaka se seng sa mahae mmusong wa kgale wa Bophutatswana.[2][3]

Leano le neng le busa Bophutatswana ka nako eo le ne le bolela ka ho hlaka hore Bophutatswana ke ya moloko wa Batswana. Ka lebaka le o, merabe e meng kaofela, haholoholo Basotho, e ile ya bolokwa kampong ya baahi e bitswang "Kromdraai". Kromdraai e ile ya qalwa ke monna a neng a bitswa "Khoza". O ne a rekisa ditsha ka disente tse 50 feela ka selemo sa 1976.

Hamorao mmuso wa Bophutatswana o ile wa qala ho nyatsa ka matla nts'etsopele ea sebaka seo mme oa sebetsa ka thata ka mapolesa a bona bosiu le motšehare, o loanela ho romela bohle ba lulang sebakeng seo le ba seng Batswana. Ha khatello e ntse e eketseha bakeng sa batho ba Kromdraai, Khoza o ile a baleha 'me a se a sa bonoe.

Moruo[fetola | fetola mohloli]

Dipalangwang[fetola | fetola mohloli]

  1. https://southafrica.co.za/botshabelo.html
  2. . pp. 311–329.  Missing or empty |title= (help)
  3. . pp. 691–705.  Missing or empty |title= (help)