Maseru
| Maseru | |||
|
| |||
| Naha: | Lesotho | ||
| Setereke: | Setereke sa Maseru | ||
| Tulo: | 138 km² | ||
| Baahi: | 330 760 | ||
Maseru ke motsemoholo wa Lesotho, ka Afrika.



Nalane
[fetola | fetola mohloli]
Maseru e thehiloe ke Manyesemane e le kampo e nyenyane ea mapolesa ka 1869, kamor'a Ntoa ea Freistata le Basotho, ha Basutoland e fetoha naha e bosireletsing ba Borithane.[1][2][3] Maseru e sebakeng se ka thōko ho "libaka tse hapiloeng" tse ileng tsa nehelanoa ho 'Muso oa Orange Free State (eo hona joale e leng profinse ea Freistata ea Afrika Boroa) e le karolo ea tumellano ea khotso. E ne e le lik'hilomithara tse 24 ka bophirimela ho Thaba-Bosiu, e leng qhobosheane ea Morena Moshoeshoe 1 oa Basotho. Thaba-Bosiu ke ona motse-moholo oa pele oa 'nete oa Basotho. Motse o phetheselang oa 'maraka o ile oa nto hola le ho potapota sebaka seo.[4]
Qalong, Maseru e ne e le motse-moholo oa tsamaiso ea naha pakeng tsa 1869 le 1871, pele tsamaiso ea Basutoland e fetisetsoa ho Kolone ea Kapa. Nakong ea puso ea bona pakeng tsa 1871 le 1884, Basutoland e ne e tšoeroe ka tsela e ts'oanang le libaka tse neng li ile tsa hatjoa ntoeng. Sena se ile sa utloisa Basotho bohloko haholo.[5] Se bile sa lebisa Ntoeng ea Lithunya ka 1881, le ho chesoa ha meaho e mengata Maseru.[6] Ka 1884, Basutoland e ile ea khutlisetsoa boemong ba eona ba ho ba Kolone ea Manyesemane, 'me Maseru ea boela ea etsoa motse-moholo. Ha Basutoland e fumana boipuso ba eona mme e fetoha Naha ea Lesotho ka 1966, Maseru e ile ea sala e le motse-moholo oa naha.[3]
Pele Lesotho le fumana boipuso, Maseru e ne e le 'nyane haholo, e ne e le ka har'a meeli e hlakileng ea bokolone 'me e na le monyetla o fokolang oa kholo. Ka mokhoa o ts'oanang, le Manyesemane a ne a se na thahasello ea ho e nts'etsa pele. Ka mor'a 1966 Maseru e ile ea hola ka potlako. Sebaka sa eona se ile sa eketseha ka makhetlo a supileng, ho tloha ho lik'hilomithara tse ka bang 20 ho isa sebakeng sa hona joale sa lik'hilomithara tsa lisekoere tse 138, ka lebaka la ho kenyelletsoa ha metsana e haufi le eona toropong eo.[6][3] Sekhahla sa selemo le selemo sa kholo ea baahi se ile sa lula se le haufi le 7% ka mashome a lilemo a 'maloa, pele se fokotsehella ho kakaretso e ka bang 3.5% lipakeng tsa 1986 le 1996.[3]
Kamora likhetho tsa paramente tsa 1998, ho ile ha eba le pelaello ea bolotsana ba likhetho le ho kenya letsoho ha sesole sa Afrika Boroa. Boholo ba toropo bo ile ba senyeha ke merusu le bosholu ba thepa.[7] Lits'enyehelo tsa ho lokisa tšenyo e bakiloeng toropong li ne li hakanyetsoa ho li-Rand tse limilione tse likete tse peli (US $ 350 milione),[8] 'me ho fihlela lilemong tse isang ho 2008, litlamorao tsa merusu li ne li ntse li ka bonoa ka har'a toropo.[9]
- ↑ Britannica,Maseru, britannica.com, USA, accessed on July 7, 2019
- ↑ Baffour Ankomah; Khalid Bazid (May 2003). "Lesotho: Africa's Best Kept Secret". New African.
- 1 2 3 4 . pp. 180. Missing or empty
|title=(help) - ↑ . p. 116. Missing or empty
|title=(help) - ↑ . p. 118. Missing or empty
|title=(help) - 1 2 . pp. 123–133. Missing or empty
|title=(help) - ↑ 49. Missing or empty
|title=(help) - ↑ "Lesotho billed for South African intervention". BBC News. 1998-10-09. Retrieved 2008-04-14.
- ↑ "Straw men". Mail & Guardian Online. 2007-03-15. Archived from the original on 2012-06-03. Retrieved 2008-04-14. Unknown parameter
|url-status=ignored (help)
