Jump to content

Thabo Makhetha-Kwinana.

E tswa ho Wikipedia

Thabo Makhetha-Kwinana (21 Lwetse 1987) ke moqapi wa feshene a tsejwang ka meralo ya hae e kopanyang mekhwa ya Ma-aforika le Bophirimela, a tsepamisitse maikutlo moetlong wa Basotho.

Tsa Bophelo ba pele le thuto[fetola | fetola mohloli]

Thabo Makhetha-Kwinana o hlahetse Lesotho, empa o ile a fallela Afrika Borwa ha a le dilemo di tharo mme ho tloha ka nako eo haesale a dula teng. O phetse Mahikeng, Johannesburg, Pietermaritzburg hammoho le Port Elizabeth, mme hajwale o dula Cape Town, profinseng ya Western Cape Afrika Borwa. Thabo Makhetha o ile a ithutela Univesithing ea Nelson Mandela Metropolitan e Port Elizabeth moo a fumaneng lengolo la National Diploma in Fashion.Lengolo la tsebo kaho qala leho etsa diaparo tsa sejwale-jwale.

Tshebetso ya Thabo Makhetha mosebetsi wa etsa diaparo[fetola | fetola mohloli]

Ka 2009 o ile a theha diaparo ka lebitso la hae a le lilemo di 21, a fuwe tlhohleletso ke nkhono wa hae ya neng a le seroki sa diaparo. E ne e le mme wa hae a boneng bokgoni ba hae a sa le monyane dilemong mme a tswela pele ho mo rekela mochini wa hae wa pele wa ho roka. Meralo ya hae e fuwe tlotlo mme ke lefa la hae la Basotho, ka ho tsepamisa maikutlo ka ho khetheha kobo ya setso ya Basotho, eo a e kenyelletsang meralong ea hae ya diaparo. O boetse o tsejwa ka tshebediso ya hae ya botaki le mekhwa e metle ya Ma-aforika.

Thabo Makhetha o ile a qala ho bapala ka 2014 ho la Vancouver Fashion Week motseng Canada, moo a ileng a roriswa ka boleng le boqapi ba mosebetsi wa hae bakeng sa pokello ya Kobo ya Bohadi "Blanket ya Prestige".