Wikipedia:Bushra Razack
Bushra Razack
[fetola mohloli]
Bushra Razack ke setsebi sa ntshetsopele ya setjhaba sa Afrika Borwa mme hape eboetse ele moemedi wa phetoho le thuso ya botho e ikgethileng ka ho buisana le bankakarolo. O hlahetse porofinseng ya Kapa Bophirimela, Afrika Borwa mme a kena sekolo se phahameng Ladysmith, Kwazulu-Natala moo a ileng a etsa sehlopha sa leshome ka 2003.[1]
Tsa kgolong ya hae
[fetola mohloli]
Bushra o hotse le bana ba bang ba 70 lehaeng la dikgutsana mme ho tloha bonyenyaneng o ile a ithuta bohlokwa ba ho kgutlisa kapa hona ho nehela. Ke sengodi- mmoho sa buka e bitswang, 'Rescue Mission', eo eneng ele enngwe ya dibuka tsa tlhahlobo ya batjha ya Dipakane tsa Ntshetso-pele tsa Millennium tsa Matjhaba a Kopaneng tse hlahisitsweng Sebokeng sa Lefatshe sa Ntshetso-pele ya Moshwelella [2], motsemoholo Johannesburg, Afrika Borwa. Mosebetsi wa hae le Peace Child , mokgatlo wa diphallelo o sebetsang ho matlafatsa batjha ka tswelopele[3] e etelletsweng pele ke batjha le ho fokotsa bofuma, o ile wa mo isa dinaheng tse kang Morocco, Egepeta, Serbia, India, Canada le Scotland nakong eo a ntse a le sekolong. Ka mora dithuto tsa hae o ile a qeta dilemo tse tharo a ntse a etsa maano a ho fana ka ditshebeletso bakeng sa dipetlele tsa tlhokomelo ya mahlo Kenya le Cameroon . Phihlelo ya hae lefapheng la ntshetso e kenyelletsa ho sebetsa le Standard Chartered Bank le morero wa bona WA lefatshe wa Seeing is Believing, CBM, UNOCHA (Ofisi Ya Matjhaba a Kopaneng bakeng sa Kgokahanyo ya Merero ya Botho), le Right to Sight International (Tshebedisano pakeng tsa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo le Mokgatlo wa Matjhaba) wa Thibelo ya Bofofu. Bushra o fumana kgothatso ho tswa setjhabeng seo a sebetsang le sona tulong tse kang Mitchells Plain, Cape Flats le Philippi profinseng ea Kapa Bophirima Afrika Borwa .Ha jwale ke CEO ya Philippi Village e fumanwang Philippi [4], e leng setsi sa tse hlahisang mesebetsi le ho phahamisa ditho tsa setjhaba sa lehae, ha ka nako e tshwanang e boetse ele sebaka se phetheselang le se bolokehileng bakeng sa dipuisano tsa setjhaba ka kgwebo , bonono, setso le bohlophisi ba mananeo a thuto [5]
Dikgau le Diphihlello
[fetola mohloli]Ka selemo sa 2017 Bushra o ile a kgethwa ke Mail & Guardian e le e mong wa Batjha ba 200 ba hlwahlwa ba Afrika Borwa [6]
Ka 2018 e bile mohapi wa kgau ya Power Woman of the Year sehlopheng sa Boqapi.
Tsa bophelo
[fetola mohloli]Razack ke motswadi wa bana ba babedi. E mong ke Ayana Razack,ya thehileng mokgatlo wa hae o bitswang WO Projects mme yena o lwanela bana ho ba le ditulo tse bolokehileng moo ba ka bapallang.
Ditshupiso
[fetola mohloli]- ↑ https://www.sagoodnews.co.za/from-breaking-down-walls-to-community-building-on-the-cape-flats-bushra-razacks-journey-of-grit-and-grace/sagoodnews-bushra-razack/
- ↑ https://www.islamic-relief.org.za/taking-ir-south-africa-from-strength-to-strength-bushra-razack/
- ↑ https://www.biznews.com/good-hope-project/2023/03/08/tech-alone-cannot-create-successful-townships-philippi
- ↑ https://www.news24.com/news24/community-newspaper/city-vision/its-an-ongoing-process-hub-empowers-local-community-20221020
- ↑ https://www.bbrief.co.za/2023/01/13/innovative-thinking-is-required-to-address-the-jobs-crisis/bushra-razack/
- ↑ https://gsbberthacentre.uct.ac.za/about-us/team/bushra-razack/